Thlahiso ya Mangangajane

Tlhahiso ya Lefatshe

©Glenneis Kriel

Turkey ke yona e hlahisang morara wa kgale ka ho fetesisa mme e ntse e le naha e hlahisang morara o moholo ka ho fetisisa lefatsheng. Sena se lateloa ke USA.

Dinaha tse ding tse hlahisang morara o ommeng ke Afrika Borwa, Australia, Chile, Greece, Iran, Uzbekistan le Afghanistan.

Tlhahiso ya Aforika Borwa

Indasteri e simolohile haufi le Noka ea Orange Kapa Leboya ebile e tswetse pele ho tloha lekgolong la bo mashome a mabeli la lilemo.

Tlelaemete e chesang, e omileng ya sebaka seo e loketse tlhahiso ya morara mme indasteri ya morara e dula e le haufi le yona mme e tlatselletsa indasteri ya morara e ncha ya morara sebakeng seo.

Morara wa kotulwa mathwasong a bohareng ba lehlabula ebe wa omisoa ebe wa sebetswasebakeng seo.

Meputso e metle bakeng sa morara o omileng mmarakeng wa lapeng le wa machabeng e fana ka kgothalletso bakeng sa kgolo ya kgoebo e tswelang pele.

Mmaraka o moholo wa Afrika Borwa wa ho rekisa morara ke wa Europe moo di rekiswang Jeremane, Netherlands, United Kingdom le France.

Afrika Borwa e boetse e romella morara o omileng ho la USA le Canada.

Sebaka sa Tlhahiso

Sebaka se seholo sa tlhahiso ya morara o moholo ka ho fetisisa Afrika Borwa se haufi le Noka ya Orange e Leboea Kapa mme sebaka sena se hlahisa hoo e ka bang 90% ya tlhahiso ya morara wa naha e ommeng ya Afrika Borwa. Tlhahiso ya morara e sa tswa feta e ntse e hola le tikolohong ya Namaqualand.

Boitokisetso

©Glenneis Kriel

Ka dinako tse ding dipompo di omisitswe ke letsatsi mme ha ho omiswa ha letsatsi e le mokhwa o theko e tlaase, sehlahiswa se pepeswa dikarolo le ho kgona ho tswaetsana le tikoloho, dikokwana-hloko le dikokwanyana.

Bahlahisi ba boetse ba omisa morara kaho sebedisa maemo a ho omisa a moriti kapa ba nwesetsa morara ka mokhwa o itlhomphang dikamoreng tsa ho omisa tlasa maemo a mongobo a laolwang.

Ka mora tshebetso ya ho oma, morara o omisitsweng o lahlelwa mme dintho tsa kantle di tloswa.

Hangata meraka e phekolwa ka sebabole e le ntho e bolokang nako e ntse e phetwa.

Tshebediso

©Louise Brodie

Dirosadi jewa jwaloka senoko kapa disalate mme di sebediswa haholo ho pheheng le ho baka.

Dirosa di na le phepo e ngata, dikhabohaedreite le diminerale tse kang tshepe le koporo.

Hangata merara e monate ebile ha morara o na le index ya glycemic e tlase,hangata e kgothalletswa e le senoko sa taolo ya boima ba mmele.

Translated by Sebongile Sonopo