Temo ya Lethisi

© Louise Brodie

Ho Ikatisa

Ho ikatisa ha lettice ho etsahala ka peo. Le ha hole jwalo peo ya lettice e ka hola maemong a phodileng a lehodim le a tlase ba 5°C, maemo a lehodima a sebele kgolong ke ho etsa bonnete bah ore ho bobebe mme ho potlakile hore semela se tswelepele le hore dimela di ya tshwana ho kotulwa le thekiso e dipakeng tsa 18°C and 22°C.

Mokgwa wa ho Jala

Ho jala ho etshala ka kotloho hotswa moalong wa peo le etsa semela se be sesesane hoy a ka moo semela se hlokang ka bongata kamora hore se hole, le ha sena se etswa ka matsoho le ha feela ho le matla mme ebile ho le theko e hodimo.
Boholo ba dimela tsa thekiso dihlahiswa ntlong e tala mme di tla ba malalaotswe dibeke tse nne ho isa hot se hlano ka mora hore e lengwe.
Ho jalwa ka ha nyane ho ka jallwa ntlong e tala ka metjhine e lemang kappa ka thuso ya metjhine e jalang peo.

Karohano

Ho jala lettice e ngata ho fapana ka mekgwa ya lettice eo o e jalang empa e lokela h oho tlowa ho 60 000 ho isa 120 000 ya semela ka hektara. Di lenngwe ho dima mealo e phahamisitsweng ka 1000 mm ho isa 1200 e nang le mela e arohaneng ka 20 kapa 30 cm sejalong ho tloha ho 15 ho isa 20 cm ho toha ho se seng moleng. Moalo o phahamisitsweng hangata ho etswa botenya ba terekere le mabidi.

Nako yah o Lema

Jala peo ya lettice maqalong a nako ya selemo kapa hwetla ha maemo a lehodimo a qala h oho phola kamora motjheso wa hlabula.

Nako yah o Jala

Jala peo ya lettice nako yohle ya selemo ha feela maemo a lehodimo a nepahetse ebile ho sena leqwa la marija le tla bolaya ka ho sena semela. Ho isa ho dijalo tse 3 di ka atleha moo maemo a lehodimo a nepahetseng.
Ntlong e tala, lettice e ka jalwa nako tsohle tsa selemo mme nako yah o hola e tla ba dipakeng tsa halofo le pedi ho isa borarong ba nako e hlokehang ya tlhahiso ya tshimo e bulehileng.

Kgolo

Mefuta e meholo ya lettice e nale kgolo tse fapaneng le maemo a kgolo le nako.
Leqwa la Lethisi: Dibeke tse 10 hoya hotse 12 hotlowa nakong ya tem oho fihla kgolong.

Butter lettuces: Dibeke tse 6 ho isa 10.
Romaine lettuces: Dibeke tse 10 ho isa 12 weeks.
Loose leaf lettuces: E ka jalwa ho tswelapele bakeng sa nako ya kotulo e atolositsweng ho tlowa dibekeng tse hlano ho isa hot se tsheletseng.

Manyolo

Kamehla fula ho ya ka mobu mohlala wa tlhahlobo e nkilweng pele ho lengwa. Ha ho se na sena, kopo e ntle ya pele ho dimela tse 750 kg ya 2:3:4 (30) e ka kenngwa ka hodimo ho 30 cm ya semela ho dipeo ho qala hloohong e ntle.
Sesebediswa sa bobedi sa manyolo sa dikhilokgrama tse 250 tsa LAN se ka apara ka lehlakoreng le leng dihlahiswa tsa semela tse nnè ho isa ho tse hlano ka mora ho lema ho matlafatsa kgolo ya dimela.
Haeba o sebedisa ho nosetsa ka metsi, hangata dihwai tse ngata tsa kgwebo di kgetha, mokedikedi o lekanang wa metsi o ka sebediswa ka hara metsi a kang manyolo.
Ka nako tsohle kenya manyolo ho ya ka moo sampole ya tshekatsheko ya mobu.

Ho Nosetsa

Ho nosetsa ho etswa ka hodimo, ho fafatsa, jete e nyenyane kapa ho nosetsa. Tsela e sebetsang hantle ka ho fetisisa ya ho nosetsa ha yona e le feela diketso tse nepahetseng tse sebediswang le ho senyeha ho fokotswa.
Kaha lethisi e na le metsi a fetang 80%, ba na le mamello haholo ho kgatello ya metsi le ho nosetsa. Sena se ka bakwa ke ho se nosetsa ka tlase, e leng ho tla baka tahlehelo ya tlhahiso le ho hlakola. Matshwenyeho a metsi a ka boela a bakwa ke ho kenella ha metsi ho feta ho nosetsa, e leng ho lebisang maemong a anaerobic sebakeng sa motso le malwetse a sa feleng.
Ho molemo ho hlahloba mobu o haufi le ho nosetsa ha mobu nakong ya mocheso o haha. Kenya disebediswa tsa di irrometer kapa disebediswa tse ding ho pholletsa le semela seo ho hlahloba mobu o mongobo letsatsi le letsatsi.

Translated by Sebongile Sonopo