Temo ya Buckwheat

©Mariluna

Buckwheat (Fagopyrum esculentum), kapa (Fagopyrum esculentum Moench) ke semela se nang le protheini e ngata se thunyang dipalesa, se jallwang tshebediso ya peo ya sona nakong tsa boholoholo. E ratwa haholo China, Russia le dijong tse ding tsa Yuropa Botjhabela, buckwheat e sa amaneng le koro, empa ka nako tse ding e nkwa e le, ‘sejo-thollo’ le ha e se jwang.

Dithollo tsa buckwheat e se nang gluten di jowa tala, di hlahlobile kapa di phehelletswe motohong, di sitswe ho etsa phofo ya buckwheat kapa di sebedisitswe ho ritela jwala. Mahlaku a buckwheat a sebedisetswa teye.

Buckwheat e Lengwa Jwang

Semela se peo e nyenyane ka metso e bobebe, buckwheat e thabela sebaka sa ho lema se bobebe, se tsitsitseng ebile se kenela metsi habonolo mme se kgona ho mamella maemo a fapaneng a mobu. E hola ka bokgabane moo nitrogen e leng tlase, mobu o batlang o le lehlabathe ebile o batla o na le esiti e tlase ho ya ho o pH e mahareng. Le ha ho le jwalo, ha e lenngwe mobung o sa nonang, buckwheat e hola hantle ho feta dijo-thollo tse ding.  

Ka lebaka la ho tshaba motjheso o hodimo wa lehlabula hammoho le serame, temo e lokela ho qala kamora hore serame se matla se fete, empa pele motjheso o matla wa lehlabula o qala. 

Metsi a a hlokeha ha semela se thunya- dibeke tse nne ho isa ho tse hlano kamora ho lema. Meya e ommeng, pula tse matla le komello ka nako ena di ka baka tahlehelo e kgolo. 

Buckwheat e lenngweng hantle e ka hlola lehola mme ha se hangata e teanang le bothata ba dikokwanyana tse kgathatsang le mafu. 

Buckwheat e tla hola dibekeng tse 10 - 12 kamora ho lengwa.E na le tlwaelo ya kgolo e sa lebellwang ka karolo e ka hodimo ya semela e thunyang ha karolo e tlase e se e le peo. Kotulo e lokela ho etsahala ha 75% ya peo e butswitse. Tjhai e ka ba ho tloha ho 1 100 ho isa ho 1600 kg hektara ka nngwe. 

Ha se hangata buckwheat e kenyeletswang lenaneong la ho fapanyetswa ha dijalo hobane e sebedisa diminerale haholo, haholoholo phosphorus. Sena se lokela ho nahanwa ha ho nontshwa dimela tse tlang kamora yona. 

Jwaloka semela se setala sa monontsha, buckwheat e na le molemo hobane e hlahisa dihlahiswa tse ngata tse ommeng.

Buckwheat Mekgweng ya Temo

Ha se hangata buckwheat e kenyeletswang lenaneong la ho fapanyetswa ha dijalo hobane e sebedisa diminerale haholo, haholoholo phosphorus. Sena se lokela ho nahanwa ha ho nontshwa dimela tse tlang kamora yona. 

Dr Hans Kendal, setsebi sa mobu sa North Dakota State University o eletsa hore kamora buckwheat ho se lengwe canola, mustard kapa sonoblomo. O bolela sena, “Dimela tsena se ntse di hlahisa matshwabodi a leng boima ho a laola hara buckwheat e holang”.

Jwaloka semela se setala sa manyolo, buckwheat e molemo hobane e hlahisa dihlahiswa tse ommeng tsa tlholeho ka bongata mme USA, buckwheat e bohlokwa e le semela se holang ka potlako se kwahelang mobu.

Buckwheat le Dinotshi

©Jasper Teboc (North Carolina State University)

Buckwheat e hlahisa dipalesa ka tatelano ebile di tshwarella mme e hohela mefuta ya dikokwanyana, eseng feela tse jang tse ding tse teng polasing, empa le dinotshi. Buckwheat, le hoja e le tlase ka protheini (11%) e hlahisa lero mme e lokile haholo ho ba dijo tsa dinotshi. Tlhahiso ya manepe e ka ba ho tloha ho 70 - 100 kg hektara kanngwe ho isa ho 300 kg ka hektara mefuteng ya boemo bo hodimo ya buckwheat. 

Buckwheat e hola ka bokgabane ka phapanyetsano ya peo e phofo mme dihlaha tse 2.5 ka hektara di a kgothaletswa.

Translated by Maletsatsi Sejake