Tataiso ya ho Ikwalla Boinotshing

Ke Mang ya Lokelang ho Ikwalla Boinotshing?

Ho ikwalla boinotshing kgahlano le kokwanahloko ya COVID-19 coronavirus ho a kgothaletswa ho batho ba hahlametsweng ke kokwanahloko kapa ba ileng ba etela dibaka tse nang le palo e hodimo ya batho ba tshwaeditsweng e le ho thibela ho ata ha tshwaetso.

Mehato ya ho Ikwalla Boinotshing

Dula hae. Tswela kantle ha feela o hloka tlhokomelo ya bongaka.
Beha matshwao a hao a ho kula leihlo: Feberu, ho kgohlela, ho fellwa ke moya.
Fumana tlhokomelo ya bongaka ka potlako ebang o ka kula.
Netefatsa hore o tseba, le ho latela mehato ya ho fumana tlhokomelo.

Mehato eo ke Ena:

Letsetsa setsi sa  tlhokomelo ya tsa bophelo mme o ba tsebise hore o na le, kapa o ntse o hlahlojwa, bakeng sa COVID-19 coronavirus.
Rwala sekwahela-sefahleho sefahlehong pele o kena setsing sa tsa bophelo.
Kopa mohlokomedi wa hao wa tsa bophelo ho tsebisa NICD.

Mekgwa ya ho Ikwalla Boinotshing

O se ke wa ya mosebetsing, sekolong kapa dibakeng tsa setjhaba. Qoba ho sebedisa dipalangwang tsa setjhaba kapa di-taxi.

Ikarole ho batho ba bang le diphoofolo lapeng. Ebang o kgona, sebedisa phaposi ya ho hlapela e thoko.

Dikwahela-sefahleho di lokela ho sebediswa ho thibela ho tshwaetsa batho ba bang ka lefu lena. Kgohlella kapa ithimolele kahara lenonyeletso la setsu. Ho seng jwalo, kwahela molomo le nko ka thishu hao kgohlela kapa o ithimola.

Hlwekisa diatla tsa hao kgafetsa. Ka metsi le sesepa bonyane metsotswana e 20 kapa ka sehlwekisi sa matsoho se nang le tahi ya 60-95%.

Qoba ho ama mahlo, nko le molomo ka matsoho a sa hlatsuwang.

Hlwekisa dibaka tse kang matlapa, hodima ditafole, mehwele ya mamati, disebediswa tsa phaposi ya ho hlapela, matlwana, mehala ya kgokahanyo, dikonopo tsa k’homphutha, di-tablet le ditafole tse pela bethe letsatsi le letsatsi.

Translated by Maletsatsi Sejake