Tshebediso ya moriana le tlholeho ya dimela tsa selehae le dioli moo se ileng sa tsebiswa pele ho MaDutch a bajaki ke merabe ya selehae le ho kenyeletsa semela se kang buchu, Aloe ferox (motswala wa MoAfrika wa Aloe vera) le Cape chamomile.
Dimela tsena di ne di hlafunwa (Sceletium tortuosum e leng sa hophahamisa maikutlo), se ne se inelwa ka hara jwala kapa asene bakeng sa mathata a tshilo le manyowa (buchu), e ne e tjheswa mme e etswa musi e hemgwe (khamfore ya bush bakeng sa hloho) kapa e ne e ritelwa jwalo ka tee e fodisang le thoniki. (Sutherlandia frutescens le Athrixia phylicoides). Dioli tse fumanehang di ya sebetsa. Oli ya rosemary e hlaha e thibela dikokwana le oli ya helichrysum e sebediswa ho laola ho longwa ke noha le sekgo, ha oli ya buchu e sebediswa bakeng sa ho ruruha.
Basotho ba sebedisi lekgasi le tala la Cape rose geranium jwalo ka lesela ho sodisa maqeba le mathopa, makgasi a phoofo ya sourplum (Ximenia caffra) a senediswa ho laola ho se be le thari le mokgohlane ha metso ya teng e phoofo e tsebahala ka aphrodisiac. Dimela tsa selehae di ka jowa di le tala (sour fig, marula, num num), dikentswe jemeng, matokomaneng a besitsweng mme di ya jewa (peo ya baobable dinawa tse tala) le makgasi a jowang jwalo ka moroho (lamunu e babang, moroho le makgasi a dinawa).
Matla a dimela tsa meriana ya Afrika Borwa e ne e tsejwa ka setsha sa lefatshe sa dithetefatsi, dijo le industeri ya ditlolo mme ene e sebediswa ka ho fapana. Manala a diabolosi a ne a tumme ka thepa ya taolo ya maqeba le ho laola serame sa masapo, buchu e ne e sebediswa fana ka tatso ya blackurrant industering ya dijo, ha dioli tse tswang dithulwaneng jwalo ka baobab le mongongo (e tsebahalang hape e le manketti) di sebediswa haholo jwalo ka ho fana ka mongobo wa letlalo le ho ntjhafatsa letlalo.
Phodiso ya dimela tsa selehae tsa Afrika Borwa di tswela pele ho fodisa di mafu a kotsi. Cornell University Medical College e fumana hore kgemere ya Afrka e ka thibela ho shwa lehlakore, Sutherlandia frutescens le lengana (Artemisia afra) di tsebahala ka ho thusa ho lwantsha mofetshe le tswekere, ha pepper-bark sebediswa bakeng sa mafu a thobalano le malaria. Motswako o entsweng ka Lippia javanica le kgaka ya Knysna e sbediswa ke MaZulu ho laola mofetshe, tswekere, matshwao a HIV/AIDS le lefuba ka dithuto tseo ha jwale di bontshang hore semela se monko o monate e kaba setlama se nepahetseng sa lefu la bolebadi.
Dimela tsa meariana tsa frika e ka Borwa le ditshingwana tsa dijo tsa selehae di hola ha bobebe, mme di ka kotulwa ka bohlaha le sebedisana mmoho le ditshingwana tsa selehae mmoho le mokgwa wa ho lema. E ka lokolla matshwao a mafu, e kenngwa dijong bakeng sa ho phahamisa mefuta futa ya dikwetla tse jowang mme yaba molemo bophelong bo botle le bophelong ba mang kapa mang ya e sebedisang.
Sena se loekla ho elwa hloko, le ho le jwalo, tshebediso ya dimela tsa meriana le dioli di lokela ho se nke karolo ya meria le le keletso ya ho ja.
Translated by Sebongile Sonopo