Oli ya Sage: Moriana ya Boholo-Holo

© Stan Shebs of University of California Botanical Garden

Sage (Salvia officinalis) ke semela se sa feleng se nang le monko o monate o motala o tlohang ka hodimo ho 60 cm ka lelapeng la Labiatae / Lamiaceae. E kgetholla Botjhabela bo Hare le dibaka tsa Mediterranean, empa kajeno e nnile ya eba ya tlhaho lefatsheng lohle, ho akarelletsa le Afrika Borwa. Mona SA, lebitso la Seafrikanse 'blou blom salie' le bolela Salvia africana-caerulea (kapa blue mountain sage). Ena e ne e le e nngwe ya dimela tsa pele tse lokelang ho sebediswa ka meriana ke ma Dutch ho Cape, ya ileng ae sebedisa ho ena le Salvia officinalis. Pheko e entswe ka ho kopanya tee ya S. africana-caerulea yale letswai la Epsom le lero la lemone ha o tshwerwe ka mathata a mala, ho akarelletsa le colic le letshollo. Ma khoi a ne a sebedisa makgasi ho ba tshwerwe ke mathata a basadi le sefuba.

E sebedisitswe ho tloha mehleng ya boholo-holo, sage e ne e thathamisitswe ho Ebers Papyrus (1500 BC) e le pheko ya ho hlohlelletsa le balatedi ba Hippocrates (ngaka e nngwe ya Mogerike ya neng a phela hoo e ka bang 40 BC) a babatsetsa diphello tsa yona tsa ho ya kgweding. Mesebetsi e meng e tlwaelehileng e kenyelletsa setlama jwaloka setlama nakong ya ho pheha le tee e sebediswang ho tshwara ho robala ha pelo, mmetso, ho ruruha ho feteletseng le 'ho lahlehelwa ke kelello'. Diphuputso tsa morao-rao di bonahala di tiisa hore ho na le pheko ya ditlama bakeng sa lefu la Alzheimer. Jwaloka polase, e sebediswa bakeng sa ho nonyetseha, ho ruruha le madi.

S. officinalis e ka sebediswa ho sebetsana le mathata ho akarelletsa ho tshwarwa ke lefu la ho wa, disosa, gout, rheumatism, ho ruruha, mokedikedi, ho thothomela, ho holofala, letshollo le kgatello ya madi e phahameng. Haufinyane, semela sena e bile taba ya dithuto tse matla ho fumana diphello tse ncha tsa tlhaho. Diphuputso tsena di kenyeletsa dikokwana-hloko, dintho tse thibelang ho ruruha, antinociceptive, ho thusa mmele ho itlhwekisa, antimicrobial, antimutagenic, antidementia, hypoglycemic, le diphello tsa hypolipidemic. Oli ya Blue mountain sage ke sehlahiswa sa Afrika Borwa. Ntho e hlokahalang-ya sebakeng sa heno le ya machaba - e ntse e le nyane, empa e ntse e hola. Dimela di kotulwa ka nako ya dipalesa, di sebedisa semela kaofela (ho se rema ka hoo e ka bang 20 cm ho tloha botlaaseng) moo ka mora hore mouwane o sesehe.

Blue mountain sage e rata alkaline, mobu o majwe mme e hola ho fihlela ho 2m ka botelele. Hangata Itis e ne e lengwa bakeng sa ditshwaneleho tsa yona tse kgabisitsweng - haeba di bolokilwe. Salvia africana-caeruleae bonolo ho e hodisa ka ho feletseng letsatsing le mobu o tshwetsweng hantle (e ka mamella serame se bonolo) mme se phatlalatswa ke peo kapa dikotulo. Dihlahiswa tse tsejwang (tse lengwang ho tloha ho dikotulo) di Porterville, Bophirimela Kapa.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Bongani Matabane