Oli ya Mohlwaare Afrika Borwa

© SA Olive

Indasteri ya oli ya mehlwaare e nyane haholo mme e ka kgona feela ho fepela nngwe-borarong ya ditlhoko tsa Afrika Borwa, feela re romela kantle ho naha dihlahiswa tse itseng dinaheng tsa boahisane. 

Mehlwaare e kotulwa ka letsoho mme e tlhotlwa ka mekgwa ya sejwalejwale ya ho tlhotla. Bahlahisi ba bangata ba oli ya mehlwaare ba Afrika Borwa ba fepela sehlahiswa sa mokgwa wa ‘boutique’, hangata wa boleng bo sa tswakwang (‘extra-virgin’).

Mefuta ya Oli ya Mehlwaare

Le ha ho na le makgolokgolo a mefuta ya difate tsa mehlwaare, mefuta ya mehlwaare e a kgethwa bakeng sa oli ya mehlwaare ya tafoleng kapa ha ho etswa oli ho ya ka tjhai ya yona, dikateng tsa oli, tatso le boholo ba mohlwaare, nako ya ho butswa le dintlha tse ding.

Mefuta ya mohlwaare e sebedisetswang oli Afrika Borwa e kenyeletsa Frantoio (dihektara tse 747), Coratina (dihektara tse 276-masimo a eketsehile ka 56% ho tloha 2012 ho ya ho 2018) le FS18 eo masimo a teng le oona a eketsehileng ka 35% ho ya ho 231 ka yona nako e tshwanang.

Masimo a mofuta wa Frantoio naheng ya Afrika Borwa a fokotsehile ka 15% ha mefuta e metjha ya dimela e ntse e lengwa, le ha e le dihektara tse mmalwa. Mefuta e ‘metjha’ ya oli ya mohlwaare Afrika Borwa - mefuta e ntseng e jalwa ho tloha 2012 ho ya pele - e kenyeletsa Picual (78 hektara), Arbequina (54 hektara) le Koroneiki (52 hektara). 

Mofuta ka mong o na le tatso e ikgethang le makgabane a dik’hemik’hale. Hangata di-oli tsa mohlwaare tse hlahang mefuteng e fapaneng di a tswakwa ho theha mofuta o ikgethang wa tatso. Mohlala, Arbequina e ditholwana e ananelwa ka lebaka la tatso e matokomane, botoro le monko o monate o yang ho apole le artichoke mme e na le bodila bo tlaase le dinokonyana. Ka hlakoreng le leng, Frantoio e na le monko o matla, ka mmala o bonahalang botala le tatso e batlang e le tswekere, e phethele ka bodila le dinoko tse totobetseng. Di-oli tse ding di ratelwa menko ya teng ya jwanng le pepere, mehlala ke Koroneiki le Manzanillo.

Theko ya Oli ya Mohlwaare

Hangata Afrika Borwa, ho fumaneha hore oli ya mohlwaare e sa tswakwang e rometsweng naheng ena e batla e le theko e bobebe ho feta di-oli tsa Afrika Borwa tsa boleng bo batlileng bo tshwana. Karien Bezuidenhout, mookamedi wa SA Olive o hlalosa hore bahlahisi ba EU ba kotula ka motjhini mme ba fumana thuso mmusong, e leng ho tshehetsa ka ditjhelete tlhahiso ya di-oli tsa bona.

Afrika Borwa teng, mehlwaare e kotulwa ka letsoho, mme hona ho baka ho eketseha ha theko ya tlhahiso. Ho bohlokwa ho ela hloko hore di-oli tse amohetsweng ho tswa EU kapa nqa tse ding hemisphere e Leboya (moo dinako tsa selemo di fapaneng le tsa Afrika Borwa) di hlahiswa nakong e seng e fetile ya selemo, ha di-oli tsa mehlwaare tsa Afrika Borwa di hlahiswa nakong ya jwale ya selemo mme ho bolelang, di-oli tse ntjha.

Translated by Maletsatsi Sejake