Nebbiolo

Tlhaloso

Nebbiolo grapes in South Africa.

Nebbiolo ke mofuta wa morara o amahanang le tse ding tsa di veine tsa sebele lefatsheng.

Ho bonahala eka lebitso lena letswa lentsweng la se Itali “nebula” eleng ho boleleng mohodi, mohlomong ka lebaka la ho butswa ha ka mora nako ha mohodi wa hwetla o qala ho hlaha Italy, kapa ke ka lebaka la mohodi o mosweu o palesang o hlahang letlalong la merara ha menokotshwai e butswa.

Nebbiola e bonahala e le lesea la mofuta wa Freisa ya Italy, empa boitsebiso ba setswadi ha bo tsebahale. E bonahala hape e le motswala ya atametseng wa Viognier.

Tlhaho

Ho ya ka tlhaho diteko di manolla hore, Nebbiolo haholo e qadile Piedmond kapa Valtellina zone ka bokone Bophirima ba Italy. Ke e nngwe ya mefuta ya dikgau e tsofetseng Italy, ka tlhaloso mefuta e hatisitsweng dipolokong tsa toropo ya Torino nakong ya bohare dilemo tsa bo 13.

Ho nale pelaelo yah ore Nebbiolo ke mofuta o tsebiswang le ho Spionia, ke mongodi wa Roma, Pliney Elder bukeng ya hae ya Naturalis Historiae, morao ho 1 AD. Piedmond o nale dilemo lemo a aha seriti sa veine ya Borolo le Barbaresco, e entsweng ka ho otloloha hotswa Nebbiolo ka merara e kotutsweng ka mokgwa o itseng wa sebaka sa polaso.

Ka disentjhuri tsa bo 15, Nebbiolo e ile ya itumella ho lekana ha maemo a phahameng motseng wa Barola, e tsebahala jwalo ka La Morra ka nako eo, tshenyo eo kapa ho kgaolwa hoo hwa sefate se seng ho ile hwa otlwa ka ho kgaolwa letsoho le letona kapa ho leketlisa. Barolo le Barbaresco ka dilemo lemo e ile ya bitswa “veine yam arena le le morena wa di veine” Italy.

Nakong e fitileng veine e ne e lobokanywa ha e ne e nowa hosing. Borolo e ntle, le ha ho le jwalo e ne e lokelwa h oho hola bake sa dilemo tse 12 ho ntsha bokgoni ba yona. E tumme haholo ka hob a thata ho hlahiswa, batho ba ne ba etsa motlae hore tlhahiso Nebbiolo e lokela ho lekwa ke dirtied tsa veine ba entseng tlhahiso ya bonono e le ho phephetsa mofuta wa Pinot noir.

Mabitso a Mang

E tsebahala hape ka Chiavennasca, Picuteber, Spanna le Nibeul.

Tlhahiso Afrika Borwa

Disele tsa bong tsa pele di bonahala di latuwe ho tswa Italy ke moprofesa Abraham Izak Perold ka 1910. Disele tsa bong tse tshepisang di latuwe ke Vititec dipakeng tsa 1990 le 1995. Steenberg Winery wa Constantia ho bonahala e le yena rapolasi wa pele ho hlahisa mofuta o ikemetseng wa Nebbiolo ka 1990.

Sebaka sa Tlhahiso

Tlhahiso Afrika Borwa e nyane, ka bonyane bo ka tlase ho 25ha e hatisitsweng ka 2016. Boholo ba ditshimo tsa difate di fumaneha Breedekloof, Stellenbosch le Cape South Coast, ha Paarl, Klein Karoo le Kapa Bophirima le tsona di nale sebaka se senyane se ka tlasa tlhahiso.

Kgolo

Mofuta ona o rata maemo a lehodimo a phodileng. E hola haholo, ka boholo ba tlhahiso ya 12-18t/ha.

Ho Butswa

E butswa qalong ya bohare ba sehla, ho tlowa karolong ya pele ya Hlakola.

Menokotshwai

Mofuta ona o hlahisa boholo bo itekanetseng, o moholo, o kgidikwe ho isa motopong o mokgutswane ka menokotshwai e bokgubedu bo perese e fetohahang hoba metsho ha e botswitse ka ho phethahala. Letlalo le lesesane mme le matla, ha dijo di le lero le ho ba tholwana.

Makgasi

Nebbiolo e makgasi a matala bo tebileng, a manyane hoy a ho itekaneleng, e kgidikwe le hob a motopo mmoho le marete a mahlano.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

E ratwa ke hlobo, hlobo ya phofo le letsatsi le tjhesang. Pula nakong ya kotulo e ka baka ho bola.

Tshebediso

Bonyane bo hlahiswang Afrika Borwa boo sebediswa jwalo ka veine e tswakang le e ikemetseng.

Tatso

Mofuta ona ke ona feela ho e meng o itsebahatsang ka mmala, ke veine e botshwana bo kgubetswana qalang mmalanyana wa lamunu diremeng. Disele tsa bong tse fumanehang Afrika Borwa di hlahisa tholwana le beri e matla ya tatso.

Translated by Sebongile Sonopo