Tshimoloho ya monokotshwai o motsho ha e tsejwe hobane ho na le mefuta e mengata ya dimela e hlahiswang lefatsheng ka bophara.Ka tlholeho Eurasia le Amerika Leboya, monokotshwai o motsho haesale o sebediswa dinakong tsa Maroma le Magirike hammoho le ke matswallwa a Amerika e le dijo, moriana le daye.
Kgetho ya sehlahiswa sa semela e qadile feela bohareng ho ya pheletsong ya dilemo tsa 1800. Ha tlhahiso yona e qadile ho tlwaeleha thekisong ya lehae dilemong tsa bo 1900.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, tlhahiso ya monokotshwai o motsho e ne ntse e eketseha butle e le ho ikamahanya le tlhokeho e holang. Sena se susumeditse ditlaleho tsa bophelo tsa ho kgothaletsa bareki ho ja ditholwana tse ntjha ka bongata. Tlhokeho le yona e ntse e eketseha hobane monokotshwai o motsho ke dijo tsa ka potlako tse fumanehang habonolo ntle le tshenyo e ngata, mme e ka ba sejo sa tlatsetso ho thahameso le dihlahiswa tsa lebese tse jwaloka yogathe.
Ntshetsopele ya mefuta e metjha e thusa bahlahisi ho ikamahanya le ditabatabelo tsa bareki ka ho ntlafatsa tatso, ho bebofatsa tlhahiso, boleng ba ho dula nako e telele kamora tlhahiso le boleng ba monokotshwai. United States, Europe le Mexico ke bahlahisi ba di hulang pele.
Tlhahiso ya monokotshwai o motsho e nyane Afrika Borwa mme e lebeletswe ho dula e le tjena dilemong tse mmalwa tse tlang. E nngwe ya diphephetso tse kgolo indastering ke hore mefuta e lengwang moo ha e tshwanelwe ke ho romelwa kantle ho naha.Le ha ho le jwalo, mefuta e metjha e ntse e ya e fumaneha ho thusa ho rarolla bothata bona.
Monokotshwai o motsho o phela hantle mobung o tebileng, o kenelang metsi habonolo, o nang le esiti ebile ho na le manyolo, mme ha jwale o hlahiswa Kapa Bophirima, Free State, Bokone (Leboya) Bophirima, Gauteng le Limpopo. Ke dimela tse ka etsang 80% tse hlahiswang kahara dikotopo, athe tse setseng di hlahiswa masimong a pepeneneng.
Monokotshwai o motsho ke tholwana ya lehlabula, moo nako ya tlhahiso Afrika Borwa e qalang ka Pudungwana ho ya ka sebaka sa tlhahiso le mofuta.
Mefuta ya dimela e a lengwa, e ka bang e ithatikang kapa e emeng, ka mefuta e fapaneng ya meutlwa. Ka kakaretso, mefuta e emeng e batla e kgona ho mamella serame ho feta e ithatikang.
Dimela tsa monokotshwai o motsho di nka nako e ka fihlang ho dilemo tse tharo ho hola ka botlalo mme di dula di hlahisa ho fihlela dilemong tse leshome le metso e mmedi. Ka 2018, e ne e ka ba 52% ya monokotshwai o motsho o ileng wa jalwa Afrika Borwa o neng o le ka tlasa dilemo tse tharo mme e le o fetang 40% o neng o feta dilemo tse supileng, jwalokaha ho supilwe ke SA Berry Producers Association.
SA Berry Producers Association e boletse hore Afrika Borwa e hlahisitse bonyane ditone tse 225 tsa monokotshwai ka 2018, eo 48% ya teng e ileng ya romelwa kantle ho naha, 41% ya rekiswa kahara naha mme 11% ya sebetswa. Ke ho feta 90% e ileng ya romelwa Yuropa mme tse setseng tsa romelwa Botjhabela Bohareng.
Monokotshwai o motsho o nkwa e le sejo se phepo e ntle haholo hobane o na le vithamin A, C le E, diminerale, tse jwaloka potassium, magnesium le calcium, hammoho le fibre le antioxidants. Dimatlafatsi tsena kaofela di dumelwa ha di thusa ho thibela lefu la pelo.
Monokotshwai o motsho o ka jowa o le jwalo, wa sebediswa dihlahisweng tse bakuweng, tsa hwamiswa sehatsetsing kapa tsa sebetswa ho sebediswa ho di-dessert, lerong la ditholwana, diteyeng, yoghurt le jeme. Metso e bolelwa ha e ka thusa ho phekola letshollo le tlwaelehileng le letshollo le lefubedu. Ha lero lona le hlaloswa le sireletsa letlalo ho se tshwaetsehe hammoho le ho tsofaleng pele ho nako.
Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.
Translated by Maletsatsi Sejake