Mofahlana o Sebedisetswa Mealo

© Abu Shawka

Mofahlane, Tarchonanthus camphoratus e boetse e tsejwa e le leleshwa, African wild sage kapa vaalbos (ka se Afrikaans). Lebitso la lona le bua ka monko o matla wa camphor ya makgasi.

Ke sefate se senyane se nang le makgasi a bosweu mme se hola pakeng tsa 2m le 9m hodimo. Dipalesa tsa yona tse tshweu di etsa dihlooho tse tshweu tsa peo ya dipalesa tse neng di sebediswa ho jara melapo. Diphoofolo tse hlaha di atisa ho bonwa di ntse di itshwa ka hara naha.

Diphuputso di bontshitse hore diphoofolo tsena di utlwiswa bohloko ke dikokonyana. Ka ho tshwanang, e sebediswa e le mealo ke batho ba Maasai ba dumelang hore e thusa ho thibela dikokonyana le ho kgothalletsa boroko bo tebileng.

Bahwai Profinseng ya Bophirimela ya Afrika Borwa ba sebedisa makgasi a mabedi a mofahlane ka motswako wa phepo ka lebaka la diprotheine tse phahameng tse 30%. Patsi e boima le ho hanyetsa nako e telele mme e ntle bakeng sa diletsa tsa mmino le mosebetsi wa mohlophisi ya thata.

Mofahlane e thusa ha o tshwerwe ke feberu, maqeba le ho kgaola le ho sebetsa e le mokgwa o sireletsang tlhaho ha o kenyelletswa tlhokomelo ya mmele le letlalo. Ho tsuba mosi ho tloha ho chesa makgasi ho ka hlakisa mahanana le ho opelwa ke hlooho ha dikgahla tsa makgasi di tsoara ho khohlela, ho opelwa ke leino, lefu la mtswhafo le bohloko ba mpeng.

Makgasi a sebedisetswa ho sidila mmele. Oli e hlokahalang e hlahiswa ke mouwane wa makgasi. Ho nahanwa hore oli ena e na le bokgoni bo babatsehang ba indasteri ya monko o monate bakeng sa dintlha tsa yona tse bitswang 'banna' (dinoko).

E na le 0,3% ya motswako o sebetsang wa dikokonyana mme e fumanwa e sebetsa ka dihora tse 6 ho isa ho tse 10. Oli e boetse e sebediswa bakeng sa thepa ya yona e lwantshang dikopa tse tshweu, ho ruruha ha letlalo, ho cheswa ke letsatsi le diso tsa ho robala.

Sefate se na le metso e pharaletseng mme se thusa ho tsosoloswa ha meru le ho thibela kgoholeho ya mobu. Ke ho thibela mollo mme ho ka etsa hore mollo o fokotsehe hantle. Semela ke tsshoaetso ea komello, e ka mamella meea e letswai la lewatle le serame.

Dihlahiswa tsa dimela hangata di kotulwa di hlaha empa ho na le dimela tse ding tsa kgwebo dinaheng tsa diprofinse tsa North West le Free State tsa Afrika Borwa. Sefate se hlaha dibakeng tse futhumetseng tsa Afrika Botjhabela, Afrika Borwa hammoho le Botswana le Angola.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Bongani Matabane