Mmoane, e leng mofuta wa Cannabis sativa, o nang le boemo bo tlase ba boreku ba THC e tayang, esale e sebediswa e le karolo ya sesebediswa se ahang le dinakong tsa boholoholo. Mohlala, o ne o sebediswa ke Baroma ba boholoholo ho tiisa seretse marokgong a bona mme Ma-China ba ne ba sebedisa motswako wa mmoane o kgabetsweng,lejwe la mokwetla le sitsweng, oli ya sefate sa tung ho bitiela dikepe tsa bona.
Dibopeho tse fapaneng tsa mmoane (Cannabis sativa) di a sebediswa indastering ya ho aha.
Karolo e botebong ya patsi kutung ya mmoane, e arotsweng le dikgwele tse telele mme ya kgabelwa dikoto di bitswa mafoforetsane a mmoane(hemp hurd). Hurd ke 70% ya kutu ya mmoane. Bohare bona ba mmoane bo na le boreku bo etsang 70% e e dumellang ho mamarelana hantle le lejwe la mokwetla.
Hempcrete e etswa ka ho kopanya karolo ya patsi e kgabetsweng ya kutu ya mmoane hammoho le sekgomaretsi se nang le kalaka ya tlholeho ya hydraulic le samente e nyenyane. Hempcrete e sebediswa e le ho topa pakeng tsa ditshiya tsa patsi ya lehong maboteng.
Letlalo le kantle le dikgwele kapa le bitswang bast fibres ya kutu ya mmoane le hatellwa hore e be dipolokwe, maqephe a thata a dikgwele tsa mmoane le lesela le letenya la mmoane, kaofela a sebediswa ho kwalla mofuthu kapa mosito le ho aha mabota. Maqephe ana a mmoane a ka sebediswa ka kotloloho bakeng sa dikobo tse kwallang mofuthu tsa fibreglass.
Peo ya mmoane e a hatellwa ho hlahisa oli ya mmoane, e sebedisetswang ho phethela botle ba patsi, pente e tlotsang fluru ya patsi hape e le sesebediswa se omisang kahara pente.
Hempcrete e ke ke ya nkela konkreiti e matlafaditsweng sebaka hobane e na le bokgoni bo lekanyeditsweng ba ho kuka boima. Le ha ho le jwalo, mmoane o na le boleng bo kgabane ba ho futhumatsa-hantle feela ho feta ditekanyetso tsa molao. Hape, e sebetsa ka bokgabane e le sesebediswa se tlatsang, e kenya moya ka ho tshwanetseng ebile e sa kenele moya habonolo.
Jwaloka sesebediswa se kgonang ho kenya mongobo sa ho aha, mmoane o kgona ho laola mongobo o kahare, wa thibela rothe dibakeng tse kahare mme wa monya metsi a ka fihlang ho litara tse 14. Mmoane o boetse o kgona ho thibela tlhaselo ya dikokwanahloko le dikokwanyana.
Mmoane ke semela se holang ka potlako ebile se sa hloke metsi a mangata mme ha se hloke dik’hemik’hale ho hola kapa ho sebetswa hore e be mafoforetsane (hurd). Ho nahanwa hore sebaka sa hektara e 1 se ka fana ka ditone tse 8 tsa mafoforetsane a mmoane. Sena se lekane ho ka fana ka disebediswa tsa ho aha tsa bodulo ba 50 m2.
Ho tlatseletsa tshebetsong ya semela sena se bobebe le ho hola ka potlako, mmoane ka sebopeho sa hempcrete ke sesebediswa se kgonang ho tlosa moya o ditshila wa carbon dioxide. Sena se bolela hore e kgona ho notlella moya o ditshila wa carbon dioxide ho tloha sepakapakeng ka sekgahla sa 110 kg CO2 ka m3 ya lebota la hempcrete.
Ha ho shejwa dintlha tsohle tse ntle tsa mmoane - ho futhumatsa, ho phefumoloha le ho tlosa moya o ditshila-ditjeho tsa lebota la mmoane di ka batla di tshwana le lebota la ditene the kentsweng sepontjhe se thata sa polystyrene ya 60 mm
Feme ya meralo ya ho aha Cape Town esale e sebedisa mmoane e le se sebediswa sa ho aha ho tloha ka 2008. A mang a mabaka a ho sebedisa mmoane ke ho fokotsa dikgato tsa carbon metjheng ya ho aha, makgabane a boleng bo hodimo a ho futhumatsa le bobebe ba ho aha ka yona. Karolo ya ho qetela e bontsha hore kaho ka mmoane ha e hloke batho ba nang le boiphihlelo ka tsa ho aha.
Boholong ba meralo ya mmoane Afrika Borwa (matlo), mmoane o ne o sebediswa ka mokgwa wa hempcrete o kwalang dikoti dipakeng tsa ditshiya tsa lehong. Cape Town teng,moaho o mekato e 12 o ahilwe (2019) ka tshebediso ya dipolokwe tsa mmoane ho aha marako a kahare. Melemo ya tsena ke moya o ditshila o tlase wa carbon dioxide, ho thibela modumo ka ho lekaneng le ho fokotsa boima ba marako a kahare.
Ho tloha ka 2019, mafoforetsane ohle a mmoane a se a amohelwa ho tswa dinaheng tse kantle, haholoholo ho tswa United Kingdom le France. Disebediswa tse tswang dimeleng tsa teko Afrika Borwa di se di sebedisitswe ntshetsopeleng ya dikarolo tsa meralo,empa ho fihlela ha jwale (2019)ha ho so be le semela se loketseng kgwebo.
“Tshebediso ya mmoane indastering ya ho aha e na le bokgoni bo boholo ba theho ya mesebetsi le ho fokotswa haholo ha dikgato tsa moya o ditshila wa carbon dioxide (CO2) indastering ya ho aha ka kakaretso.” ho bolela Oliver Wolf wa WolfandWolf Architects.
Indasteri e emetse ka mahlo a mafubedu hore mmuso wa Afrika Borwa o dumelle dihwai ho lema mmoane wa indasteri. Kgabareng, MaAfrika Borwa a fuputsa mehlodi e sebetsang ya mmoane dinaheng tsa boahisane tsa ntshetsopele ya setjhaba sa Afrika e Borwa (SADC) tse seng di elelletswe bohlokwa ba bokgoni ba mmoane moruong wa tsona.
Translated by Maletsatsi Sejake