Lema Rapa

© Louise Brodie

Phatlalatsang

Phatlalatsang rapa etswa peong.

Mekgwa ya Holema

Ho lema rapa hoka etsahala ka kotlolloho kapa hona ho phahamisa le ho jala ka ntle ho sethopo. Ho jala maemong ohle ho ka etsahala ka letsoho kapa ka di sebediswa tsa dihwai.
Ha o jala ka kotlolloho, peo ya rapa e bewa pakeng tse thato hoya tsa bohlano sentimetareng ho arohana ele ho etsetsa hore dijalo di fihlelle palo ya teng. Hang hase di tsepame kapa dutsi nakong ya beke tse tharo hoya hot se nne ka moraho hore di jalwe, mela e etswa hore ebe mesesane ho fihlella palo ya semela. Ho lema rapa ho etswa ka tsela e tshwanang ya mela le bophara ba yona kapa hona ho tshwana ha ntho tsohle temong ya yona rapa ena ka ho fihlella mella pakeng tsa mela ya diterempe bakeng la basebetsi le dikoloi. Rapa tse ding, di lengwang botebong bo itseng ba lefatshe ha tse ding di lengwelwa ho phahamisa temo.

Sebaka

Ho lema rapa ho tlameya hob a sebaka sa 15 cm hoya ho 20 cm ho arohana ha mela tseo eleng 50 cm ka karohano. Sena se tlameya ho fan aka sephetho pakeng tsa 100000 le 120 000 ya semela hektara ka nngwe.

Ho Jala le Nako ya ho Lema

Rapa e holela moo maemomo a lehodimo a phodileng jwale oka lema ha nako kgolo e atametse boiphihlelo ba boemo bo phodileng ba lehodimo. O ka kotula ka nakong ya sehla sa selemole yah o lema mona Afrika Borwa mme nako eo e tlameya hob aka kgwedi ya Hlakola mme ebe maqalong a kgwedi ya Mmesa hore dijalo dibe le matla pele maria a batang a kena le serame se fihla. Dimela tsa selemo dika lengwa ka Phato le Lwetse empa ditlameya ho kotulwa pele lehlabula le chesang ha bohloko le fihla jwaloka kaha eka senya rapa.

Nako ya Kgolo

Nako ya kgolo key a ho tlowa ha peo ya rapa e lengwa hotswametsong mme ya kotulwa pakeng tsa beke tse leshome le tse leshome le metso e mmedi. Rapa e tala kapa mahlaku aka kotulwa hotswa bekeng tse tsheletseng ho isa tse robedi ebang semela senale matlafetse mme le mmetso e hola hantle. Oka tlosa fela Makala atla thoko hore hobe le sebaka sefelletseng hoka bolokasemela se hola hantle le mmetso e hola. O ka hatsetsa mahlaku ka pele ka moraho hore o a kgale.

Manyolo

Mohlala wa mobu o tlameya honkuwa hotswa ho ditsibi tse tsebang disebediso tse nepahetseng bakeng la phepo e hlokahalang.
Dikgothalletso tse latelang ke di tlwaelo tseka latellwang ha o tshela manyolo rapeng. Bekeng ya pele oka lema, oka kenya 400 kg ya 2:3:4 (30) hektara kanngwe ha o lokisetsa ho lema mme wa e detolela ho20 cm ya bophahamo ba mobu o hodimo. Sena se nehellana ka phepo ya hang hang ka mora oho lema mme etla nehellana ka temo e matlafetseng bakeng la qalo bocha le ho thusa ho nehellana ka maikutl a phahameng nakong ya temo. Ha o jala ka peo, kenya kopo ya pele hoya le semela moleng hang ha semela se secha se qala hohlaha.
Ha morao ka mora beke tse pedo hoya hot se tharo, oka hasa kopo jwalo ka kgetlo la pele hoya le mola wa semela. Ka mora oho beke tse pedi hoisa hotse tharo kopo ya boraro ya 350 kg hektara ka nngwe ya LAN (28) eka haswa moleng ya dijalo. Ena ekaba semela se lekanang le semela se holing le ho itukisetsa ho kotula.
Hopola ho kwetlisa tsamaiso ya ho roba semela sa phepo se lekotsweng.

Ho Nosetsa

Ho netefatsa tatso e monate ho molemo ho qoba mongobo ka sehlaiswa sa rapa. Pele oka jala etsa ka hohle hore o leme mobung o ngobetseng eseng moo metsi a mathang kapa a emeng. Lema kapa jala rapa botebong ba moo ho ngobetseng mme o nehelane ka lesedi ka moraho o nosetse semela bakeng la bobedi peo le ho dula ha peo hore e hole.
karolo e kgolo ka ho fetisisa e bohlokwa ke hore ho nosetsa ke tsela e pakahatsang hore mobu o lokile bakeng la rapa le ho nosetsa ka tsela e nepahetseng. Sena seka etswa ka letsoho kapa oka nosetsa ka lethombo kapa oka tshela mobu dimitara tse itseng ho nehelana ka lesedi hore mobu o ka ngobela jwang le ho tlohella tsitsipano.
Ka morao hore dimela di tsepame, ka beke ho hlwauwe 30 mm e tlameya hose fumanwe hoya le mohatsela dikgweding tsa kgolo sehleng sa teng mme 40 mm hoya ho 50 mm moo ho futhumetseng. Oka arohanya sena ka bobedi kapa boraro kopong ya hoya le beke
Hoopla ho fokotsa ho nosetsa ha pela ena kapa e nele le ho eketsa modumowa honosetsa nakong yah o phahama ha boemo ba lehodimo le phofudi e phahameng.

Translated by Sebongile Sonopo