SQLSTATE[HY000]: General error: 144 Table './aatc/tiger_page_view' is marked as crashed and last (automatic?) repair failedKh'abeche ka Kakaretso

Kh'abeche ka Kakaretso

© Louise Brodie

Lebitso la saense: Beta vulgaris var. Cicla
Lebitso le Tloaelehileng: Cabbage

Tlhaloso ya Semela

Rosette ya makgasi a matala e phuthela ho potoloha sekgahla se kgutswanyane se etsang bolo kapa sehlooho. E na le metso ya motswako e bolelang hore metso e hlaha ho tswa ho bakwang kapa makgasi a lekgasi eseng motswako wa motso.

Ho Sebedisa

E ka phehwa kapa ya sebediswa e le tala jwaloka salate. Semela sena kaofela se ka jewa.

Ditlhoko tsa Mobu le Ditokisetso

Kh’abeche e ka hola ka mefuta e fapaneng ya mobu empa e atleha ha e tsholotswe hantle, mobung o nang le mongobo o motshwako o fanweng hantle ka taba ya manyoro. Ha e hole hantle mobung o nang le mafura haholo. Mobu o motle wa pH o tloha ho 5,5 ho ya ho 6,5 mme ha wa lokela ho dumellwa ho wela ka tlase ho 4,5. Ha e le mobu o nang le pH ka hodimo ho 6,5 makgasi a fetoha lefifi empa mahlakore a makgasi a shwa. Dimela tsa mobu wa saline le tsona di ka hlaselwa haholo ke blackleg.

Boemo ba Lehodimo

E hola ka ho fetisisa moyeng o phodileng le o mongobo. Makgasi a kgethollwa ka mokgwa o hlakileng mme boleng ba hlooho bo fokola ka ho fetisisa sepakapakeng se ommeng. Tatso e tsitsitseng e boetse e lahlehile tlasa maemo ana. Ho hlahisa le boleng bo futsanehile lehlabula mme ho thata ho laola tse senyang likokonyana. Mocheso o motle bakeng sa kgolo le ntshetso-pele o tswa ho 18°C ho ya ho 20°C.
E hanelwa ke serame mme e ka pholoha mocheso o ka tlase ho 3°C ntle le kotsi. Kh’abeche e boetse e fetoha maemo a fapa-fapaneng a lehodimo mme e ka hola ho pholletsa le selemo dibakeng tse ngata.

Bolelele ba Letsatsi

E ka hola ho pholletsa le selemo empa boleng bo etswa sebakeng se omileng le se futhumetseng.

Dintho tse Hlahisitsweng

E mmalwa mefuta ya kh’abeche e hlophisitswe ka conical kapa sugarloaf-headed, ballheaded le drum-headed thehilweng sebopeho sa hlooho le Savoy.
Dikgetho tse kgethilweng ka nako ya selemo ke tse latelang:
Hwetla le selemo - Conquestador le Gladiator
Selemo le qetellong ya lehlabula - Tenacity le Conquestador
Mafelong a lehlabula - Hercules, Drumhead le Grand Slam
Lehlabula ho fihlela ka hwetla - Megaton
Di ka boela tsa hlophiswa ho ya ka mmala wa tsona le ho potoloha ha tsona. Makgasi a ka nna a ba matala kapa a ba makgubedu mme a boreledi kapa a khanya. Mefuta ya savoy e mamellana le maemo a batang mme a na le makgasi a makgasi a botala bo lefifi.

Translated by Bongani Matabane