Di-litchi tse boetseng di bitswa di-lychee (Litchi chinensis Sonn.) ke ditholwana tsa moo ho futhumetseng mme di hlaha China. Tholwana ena e hola ka masihla difateng tse kgolo tse dulang di le tala se ka nkang dilemo tse tsheletseng ho ya ho tse robedi ho beha ka botlalo. Difate tsa litchi di hloka metsi a mangata le mobu o kenelang metsi.
South African Litchi Growers’ Association (SALGA) e tshehetsa le ho laola tlhahiso ya litchi le borekisi Afrika Borwa mme e ka thusa ka dikeletso mabapi le mekgwa ya taolo ya litchi.
Boemo bo nepahetseng ka ho fetisisa ba di-litchi ke dibaka tse lehlabula le le lelele ka pula tsa matlopotlopo le mongobo moyeng ka ha tholwana ena e na le tlhoko e hodimo ya metsi. Di-litchi di hloka mariha a makgutshwanyane, a ommeng ebile a phodile (ka tlase ho 15-20˚C) mme ha e kgone ho mamella serame. Tjhai e ntle ya litchi e fumanwa dibakeng tseo dithemphereitjhara tsa lehlabula di leng 25-30˚C mme mongobo o le ka hodima 60%.
Mefuta e ka sehloohong ya dimela tsa litchi e jalwang Afrika Borwa ke Mauritius (90% ya tlhahiso ya kgwebo le mofuta wa peo wa bohareng ba nako ya selemo) le McLean’s Red (ka tlasa 7% ya tlhahiso ya kgwebo le semela sa nako ya morao). Dimela tse nyane tse lengwang indastering ke Fay Zee Siu, Wai Chee (sa moraorao) le Early Delight (sa pejana).
Difate tse nyane di lokela ho rekwa ditsing tsa dijalo tse tshepahalang mathwasong a nako ya selemo ya pula. Boholo ba difate tsa litchi di jalwa ka ho medisa metso lekaleng (air-layering). Dithuto tsa Afrika Borwa di supa ha dimela tsa difate tsa litchi tse hokeleditsweng di sa behe ditholwana tse ntle ho feta difate tse medisitsweng metso lekaleng.
Tlhahlobo e hlwahlwa ya mobu pele ho lengwa di-litchi e tla supa kgaello kapa ho fetella ha dimatlafatsi. Sena se ka fetolwa ka nako ya tokiso ya mobu le hamorao ka nako ya temo ho ya ka tlhahlobo ya mahlaku.
Di-litchi di hola hantle mobung o lehlabathe dibakeng tse phodileng empa di ntse di hlahisa hantle dibakeng tse futhumetseng tse mobu o letsopa. Ha di hole hantle mobung o sa keneleng metsi hantle kapa mobung o nang le dikarolo tse sa nwelelleng metsi habonolo. Ho nosetswa ho lokela ho fetolwa ho ya ka mofuta wa mobu. Mohlala, mobu o lehlabathe o lokela ho nosetswa ha kgutshwanyane kgafetsa.
Bophara bo tshwanetseng bo tla itshetleha dintlheng tse kang mofuta wa mobu le mofuta wa semela, empa e tla ba ho tloha ho 12 x 12 m (difate tse 65 hektara e le nngwe) ho ya ho 10 x 5 m (difate tse 200/ hektara) tshebetsong e pharaletseng. Tshebetsong e mahareng bophara ba ho lema dijalo e ka ba 8 x 4m (difate tse 312/hektara) kapa 6 x 4m dibakeng tse phodileng.
Difate tsa litchi di thunya matsatsing a ka fihlang ho a 21 ka nako ya selemo ya Afrika Borwa. Dipalesa di fepelwa peo e phofo ke dinotshi ka ha peo ya phofo e tsamaiswang ke dinotshi e ntlafatsa ditholwana tse hlahang. Agricultural Research Council (ARC) e kgothaletsa dihlaha tsa dinotshi tse pedi ho ya ho tse nne hektareng e le nngwe kahara masimo a ditholwana, hole le sephethephethe sa batho.
Tholwana ya litchi e nka matsatsi a 84 ho ya ho a 112 ho hola, ho itshetlehile ka mofuta wa semela le sebaka sa tlhahiso. Palo-hare ya boima ba litchi ke pakeng tsa 16 le 35 g.
Boholo ba tholwana bo ka ntlafatswa ka ho hlohlelletsa ho tsamaiswa ha peo e phofo, ho fepela dimatlafatsi tse hlokwang ka bonyane tse jwaloka zinc le boron, ho tlama sefate, taolo ya dikokwanyana tse kgathatsang le ho eketsa ho nosetsa.
Serurubele sa litchi, ntsintsi ya ditholwana ya Natala le serurubele sa codling ke dikokwanyana tse kgathatsang tse kotsi ho litchi. Serurubele sa litchi se na le bophelo bo tshwanang le tshupha ya matokomane a macadamia. Dimela tse ding tseo e leng moamohedi wa serurubele sa litchi ke macadamia, Bauhinia, Caesalpinia (sefate sa dipulumu) le mefuta ya Acacia.
Dikokwanyana tse ding tse kgathatsang tlhahiso ya di-litchi di kenyeletsa tshupha ya kutu le diboko.
Dikgabo, bommankgane, dinonyana, haholoholo mmasehlothwana-kgwatsana le hlakahlotwana le tsona di ka baka tahlehelo ya dijalo le tshenyo ya ditholwana.
Ho bola kamora kotulo ho bakuweng ke hlobo ho ka baka ho bola ha tholwana mme ha kgutsufatsa bophelo ba kamora kotulo empa hoo ho ka thibelwa ka ho butswela ka sulphur dioxide kamora ho kotulwa.
Translated by Maletsatsi Sejake