Ho Jala Komokomoro

© Louise Brodie

Ho Nosetsa

Nosetso ya komokomoro e tswa peong.

Mokgwa wa ho Jala

Tshimo e bulehileng:
Mokgwa o tlwaelehileng wa ho jala komokomoro ke ho tswa peong mme sena se ka etswa ka letsoho kapa ka motjhini o jalang.
Ho jala ho etswa hape ka ho kopanaya dijalo kapa peo ya komokomoro e hodisitsweng ntlong e tala.
Ntlo e tala:
Ho jala komokomoro ntlong e tala e etswa ka kotloho ho tswa peong le ka ho kopanya metso. Mokgwa o theko e tlase ke jalap eo ka ditjeo tsa tshebetso tse ikamahanyang le le ho kopanya dikutu ho hodimo.

Ho Arohanya

Tshimong e bulehileng komokomoro e lokela ho arohana ka 30 cm moleng e arohaneng ka 100 cm. ke dimela tse kabang 30 000 bakeng sa hektara.e ka jalwa ho isa ho dijalo tse 40 000 ka hektara.
dimela tsa komokomoro tsa ntlo e tala di arotswe ka 30 cm moleng o arotsweng ka 120 cm. ke dimela tsekabang 30 00 ka hektara. Ka tlasa maemo a tshwanang,a fihlang ho 60 000 ka jalwang ka hektara. Kganya e matla bohlokwa haholo dimelengtse teteyaneng haholo. Kganya ya maiketsetso e ka sebediswa le yona ka nako e nngwe.

Nako ya ho Lema le Jala

Ho jalwa komokomoro tshimong e bulehileng ka peo mme ho kenya peo ho lokela ho ba ka mora lehlwa la ho qetela, e kaba qetellong ya Phato kapa qalong ya Lwetse naheng ya Afrika Borwa.
Komokomoro ya ntlo e tala e ka jalwa ho potoloha selemo ha feela kganya e kgona ho kenella hantle.

Nako ya Kgolo

Mobu o hloka ho maemong a lehodimo a bonyane 16°C. Ka 16°C peo ya komokomoro e nka matsatsi a 14 ho hlaha mme ka mobu motjheso wa of 20°C e nka feela matsatsi a 6 - 7. Komokomoro e nyane le e bodila e nyane di loketswe thonapuwa ho tlowa dibekeng tse 6 - 0 ka mora hore e hlahe. Komokomoro e hola ka potlako kamora hore w thonatjwe, jwale ho lokela hoba kamehla ka nako.

Manyolo

Ho eletswa ka mehla ho nka kemedi ya mohlala wa mobu wa sebaka seo e lokelang ho jalwa ho sona. Eba le mohlala wa mobu mme o latele ditaelo tsa ditsebi tsa tshimo. Motswako wa manyolo wa 3:1:5 ke e nngwe ya hoba komokomoro hobane potassium ya komokomoro e ya hlokahala.
Ka lebaka la hobane honosetsa ka rothisetsa ho nepahetse tlhahiso ya komokomoro e ke tsela ya sebele ho kenya manyolo ka tsela ya ho nosetsa. Sena se kgontsha semela ho kenya manyolo ka kotloho ho ya metsong. Ho apeswa ka mobu ho sebediswa ke bahlahisi ba bangata ho thibela lehola,ho nosetsa ho tla etsw pele ho apeswa ka mobu.
Ho bohlokwa ha o etsa tukisetso ya ho qetela tsa lefatshe lemobu pele ho jala manolo ya dikilokramo tse kabang 500 tsa 3:1:5 bakeng sa hectare le 300 kg ya manyolo ka hektara sebakeng sa ho jala. Sena se tla fana ka naetrojene e lekaneng semeleng ho theeha ka potlako. Ho bohlokwa hape ho theha dimaekronutriente se hlokehang ho tswa mobung sekasekuweng le tshwantsha le dimela tse hlokehang. Ho bohlokwa hore semela se be le dikwetla tse lekaneng ha di ya dipalesang le dotholwaneng. Ebang ho etsahala phoso ya mofuta ofe kapa o fe sena se tla lebisa ho shweng ha semela.
Ha semela se qala ho qalakana mme qala ho etsa sefate, 250 kg ya 3:1:5 bakeng sa hektara ka ho eketsehilng ho ka seapesa ka thoko ho moalo wa sejalo. Ka morao ho sena, dikwetla tse tshwanang di ka nka karolo pele ho nako ya tlhahiso. Makgasi a nosetswang ka ho fafatsa a ka etsetswa tlatsetso.
Tsela e molemo ya ho nontsha ke ho Kenya manyolo a metsi ka mokgwa wa ho nosetsa. Ho ntsa manyolo a tlhaho ha nyane ho nepahetse le hona, bakeng sa ho fan aka dikwetla semeleng.

Ho Nosetsa

Kopo ya metsi e mahlonoko bakeng sa tlhahiso e ntle, ha hole jwalo nako ya kgatello ya kelello e lokelwa ho qojwa mme le ho nosetsa tshimong e bulehileng matsatsi a mang le a mang a mabedi kapa ka letsatsi matsatsing a mang. Ka bobedi ho nosetsa hanyane haholo le ho rothisetsa ho ka sebediswa empa ho fafatsa ka hodimo ho hepahetse ho qojwa hobane ho etsa semela sohle se be metsi ho ka dikokwana hloko le mafu mme hot la lebisa ho nosetseng ho fitisisang.
Ho nepahetseng ke ho nosetsa ka ho rothisetsa hobane ho boloka metsi, ho nepahetse mme manyolo a ka fana ka nosetso e nepahetseng ya metsi. Sena se etsa hore ntho e nngwe le e nngwe e fumanehe a bonolo ho semela sa komokomoro.
Ko kenya sesebediswa se lenyang mongobo mobung ho nepahetse ka semela sena se boi mme ho fan aka tekanyo ebile se fokotsa kgatello ya kelello ya taolo ya metsi.

Translated by Sebongile Sonopo