Buchu prefers sandy, well-drained acidic soils and can be grown from seed. Buchu (‘boegoe’ ka Afrikaans) ke lebitso la diphatsa tsa lefutso bakeng sa maloko a monko monate wa leloko la Rutaceae mme e theko ya ditho tsa moriana wa yona lefatshe lohle. E sebedisitswe Afrika Borwa ka dilemo lemo tse fitileng ke MaKhoi le MaSan ho lwantsha ho tletleba ha tsholwana, mokgohlane le ramatiki, ha jwale theko ya yona e disebedisweng le industering ya dijo.
Bajaki ba pele Afrika Borwa ba qoetse makgasi ka hara asene le boranti mme ba e sebedisa bakeng sa tshilo, manowa le mpa e bohloko.
Ke mefuta e mmedi feela Agathosma crenulata le Agathosma betulina e sebediswang kgwebo bakeng sa oli ya bona. E bolele ba 1-2% ya dintho tse foreshe. Oli e ntshitsweng e sebediswa ditlolong, jwalo ka monko (ho ntsha tatso ya blackcurrant) le ho fa dijo mmala.
Ka bongaka e sebediswa ho laola tshebo e sa lokang diphiyo le bohloko bo ka sefubang. Buchu hape ke sethibela ho ruruha se setle mme e sebediswa ditlolong, e rekiswa e le metsi a buchu kapa oli.
Makgasi a semela ka tlhaho a ntsha dijo kapa dino tse sa lokang ebile e fana pholo ya selomi le ho tlallana. Oli ya buchu e thabela maemo a GRAS, ka kakaretso e amohelwa e bolokehile ke FDA le European Union.
Ka lebaka la theko e hodimo ya oli, balemi ba qadile ho jala buchu jwalo ka tshimo ya kgwebo. Buchu e tlwaelehile dilomong tse tlaase tsa dithaba tsa Kapa Bophirimela. Ho nale dimela tsa kgwebo Piketberg, Citrusdal le Cederberg.
Translated by Sebongile Sonopo