Dipeinapole

© Roger de la Harpe

Dipeinapole ke semela sa sebaka se tjhesang, ka tholwana e lero le lengata e jehang, se tsebahalang ka mmala wa sona wa kgauta le letlalo le hlabang. Ke e nngwe ya ditholwana tsa bohlokwa tsa dibaka tse futhumetseng tse lengwang Afrika Borwa, moo dibaka tsa tlhahiso di leng Leboya la Kwazulu-Natala, Kapa Botjhabela le Bokone Bophirima. Peinapole ke sehlahiswa sa bohlokwa mmarakeng wa ho romela thepa kantle ho naha mme e boetse e rekiswa lapeng hobane e batlwa haholo. 

Dipeinapole di na le dimatlafatsi tse ngata le antioxidants, hammoho le divithamini le tlheferetsi. Di-enzyme tsa yona di ka thusa ka tshilo mmeleng, tsa matlafatsa ho itshireletsa mafung le ho thibela ho ruruha. E batlwa haholo lefatshe ka bophara ka mebaraka ya matjhaba e hlodisanang.  

Translated by Maletsatsi Sejake

Tlhahiso ya Paenapole

Paenapole e bopehileng jwaloka khounu ya paene (Ananas cosmosus) ke tholwana e tholahalang Afrika Borwa dibakeng tsa terophika mme e holela ...more