Dihlahiswa tsa Avocado

© Photo courtesy of the California Avocado Commission

Hangata, di Avocados di jowa di ntse dile foreshe ka mokgwa wa tsona wa tlhaho empa di ka sebetswa ho hlahisa oli le makgapetla. Ka selemo sa 2018, tlhahiso ya di avocado Afrika Borwa e ne e le dithane tse ka bang 170 000, moo eleng hore halofo ya tsona e ne e romelwa Europe le UK. Ekaba tekanyetso ekabang 40% e rekisitswe mmarakeng tsa lehae mme e nngwe 10% e ile ya sebediswa ho etsa oli le puree.

Oli ya Avocado

Oli e nang le di avocado e latela mohloaare fela wa bo bedi ka nako tse ding tse kgolo ho feta. 

Letlalo la avocados e butswitseng e ka sebetswa ho hlahisa oli e sa tswakwang, oli e hlwekisitsweng le oli ya avocado e batang haholo. sena se sebediswa indastering ya ditlolo le ya dijo. Oli ya Avocado e fumaneha eso sebetseng leka mohla mme eka tshelwa dinoko, mohlala, ka konofolo kapa lamunu e budila. Ntle le tshebediso ya yona disalateng le ho tshela dinoko sehlahisweng nakwana hore sebe monate, e na le mosi o phahameng ho 250°C o etsang hore e be ntle bakeng sa ho hadika le rousta. 

Oli ya Avocado ke mohlodi wa mafura a omega-3 esiting, e na le mafura a selashwa sa asiti tse kang anti-inflammatory oleic acid mme ha e na kholesterole. E boetse e na le chlorophyll e seng mohlodi wa tlhaho ya mankanisi empa e boetse e thusa mmele ho lahla ditshepe tse boima.

Oli ya Avocado ke oli e nang le vithamine e ruileng e nang le divithamini A, B1, B2 le D, amino esiti, lecithin mme e roriswa ka ho kgetheha ka thepa ya yona ya antioxidant ka lebaka la vithamine E ngata e loketseng letlalo le bobebe le senngweng ke letsatsi mme e ka thusa ho fokotsa mathata a letlalo a kang eczema le psoriasis. 

Oli ya Avocado e kentsweng ka dibotlolong tsa kgalase bakeng sa mabenkele le oli e ngata e fumaneha ka meropa ka hara di litara tse lekanyeditsweng 210.

Dijo ya Avocado

©Westfalia Fruit

Di-avocado di sebediswa ho theha guacamole - e leng dipisisi, kapa avocado purée / pulp. Ho sebediswa kgatello e phahameng bakeng sa ho hlahisa makgasi, ebe ka mora moo sehlahiswa se tlatsitswe mme sa hwamiswa ka mocheso o tswang ho 18th C. Phala ya lehlwa e na le bophelo ka sehatsetsing ho isa ho dilemo tse pedi le bophelo ba sehatsetsi ba matsatsi a 30 ka mora ho phomola. Qhibidisa bosiu bo le bong ka sehatsetsing.

Dijo tsa avocado e ka ba tse senang dinoko kapa e nukuweng ka tamati, dieiye, Lamunu e budila, coriander le dinoko tse babang. Diphuthelwana tsa thekiso di kenngwa ka hara dipampiri tsa polasetiki mme sehlahiswa sa bongata se pakilwe ka mekotleng e ka fihlang ho 3 kg. Boholo ba dihlahiswa tsa avocado puree le guacamole tse tswang Afrika Borwa di netefaditswe ke Kosher le Halaal.

Avocado e Nang le Leqhwa

©Westfalia Fruit

Di-avocado tse butswitseng di a ebolwa, di reretsoe mme di kgaolwe ka maqheka kapa dithibelo. Mme ebe avocado ene e kgaotsweng di kotokoto tshelwa ka hara motswako wa ascorbic esiti le citric esiti pele di hwama ka mokgwa o potlakileng wa leqhwa (IQF). Sehlahiswa seo se tlatswa ka mekotleng ya polasetiki.

Translated by Sebongile Sonopo