Dibaka tse Mongobo tsa Orange River

Dibaka tse Behang Ditholwana

©Nigel J Dennis
Orange River ke yona feela mohlodi wa metsi o sa feleng wa Richtersveld, mme e tshehetsa mefuta e mengata ya metsi a hlwekileng. Ditlhapi di kenyelletsa ditlhapi tse tshehla, di catfish (barbel), saratinse, tlhapi ya bream le barb ya Namaqua e tlwaelehileng. Qibi e senang dinala ya Kapa e ka bonahala ho pholletsa le molatswana, ho Alexander Bay, mme dipalo tse ngata tsa Tau Ya Metsi ya Kapa (ao hona jwale a bitswang Tau Ya Metsi ya Afrika Borwa) di ka fumanwa lebopong la lewatle.
Molomo o moholo wa Orange River (kapa noka) ke o mong wa dibaka tse nonneng haholo sebakeng seo. Kaha e na le maqhubu a seretse, makgwabo, dikgohlo le dihlekehleke, e tshehetsa mefuta e sa tshwaneng ya dinonyana - e ka bang 10 000, e nang le mefuta e fetang 60. Tsena di kenyelletsa di flamingo (tse makgolo a tsona a ka bonwang ka mahlakoreng a metsi), di timeletsane tsa Kapa, di patapeta-nala, dikgantshi tsa Baegepeta, letata la Kapa, Letata le jang tlhapi le lesweu, Lefalwa le Lehalanyane. Hape ho boetse ho na le mefuta e ka bang 14 e thathamisitsweng Lenaneng le Lekgubedu la IUCN la mefuta e tshositweng. Tsena di kenyelletsa lehaqisi la Damara, le African purple swamphen, tsirwane ya Barlow le Semote.
Ka lebaka la sena, molomo wa Orange River o nnile wa phatlalatswa hore ke mobu wa RAMSAR wa bohlokwa ba machaba. Ka bomadimabe, setsha sena se senyehile ka ho feletseng ke mesebetsi yohle ya merafo e etswang mabothong ka bobedi; maqakabetsi a yona a sa hlokomelehe ke mehlodi ya dibaka tsa tikoloho ka lebaka la sebaka sa oona motseng wa kgale wa taemane wa Alexander Bay o neng o thibetswe. Hona jwale, ka thabo, ba boholong ba fapaneng ba Namibia le ba Afrika Borwa ba leka ho tsosolosa lehlabathe lena le ho tsosolosa kganya ya yona ya pele.

Translated by Bongani Matabane