Diapole

© Louise Brodie

Diapole ke o mong wa mefuta ya ditholwana e ratwang le ho hlahiswa lefatshe ho pota. Difate tsa diapole kapa Malus pumila e simolohile Asia Bohareng mme esale e lengwa Asia, Europe le America Leboya ka mengwahakgolo. Tlhahiso le tshebediso ya diapole ho bohlokwa meetlong e mengata mme jwaloka tholwana, apole e bohlokwa meetlong e fapaneng. 

Diapole ke ditholwana tse fellwang ke nako, tse melang difateng. Difate tsa diapole di thunya ka nako ya selemo mme di nontshwa ke dinotshi. Tholwana ena e jowang ebile e na le letlalo le jehang mme e hola ka selemo le lehlabula, e butswa mafelong a lehlabula kapa mathwasong a lehwetla. Difate tsa diapole di ka lengwa ka peo empa bakeng sa tlhahiso ya kgwebo, di atiswa hangata ka ho hokahanya mefuta e labalabelwang metsong e hlokang mafu. 

Mefuta e fapaneng e a lengwa bakeng sa ditatso tse fapaneng hammoho le bakeng sa merero e kgethehileng jwaloka ho sebediswa di le jwalo kapa ho di pheha hammoho le bakeng sa lero le tlhahiso ya jwala (cider).

Translated by Maletsatsi Sejake