Baobab: E Fana ka Mongobo le Dikwetla

© Andrew Hankey from SANBI

Sefate sa letshwao sa baobab (Adansonia digitata) se tsebahala haholo dibakeng tse tjhesang, dibakeng tse tlaase tse ommeng Afrika, Madagascar, India, Sri Lanka le Australia. Se bontsha ‘sefate se upside’ (hape e bolela lebitso layona le tlwaelehileng), ka makala a shebahalang jwalo ka metso, dikutu tse kgolo ba ho fihla 25m. sefate sena se phela nako e telele se hlohlorang makala ka hwetla se hola ho feta dilemo tse 1 000.

Baobab e fana ka dijo, metsi le fiber, empa e sebediswa jwalo ka moriana. Makgasi a manyane a sebediswa ho pheha le ho lalola mokgohlane. Fibre ya lekgapetla e sebediswa ho etsa marapi, pepere le diaparo ha metsi a tshowanyetso a ntshuwa makaleng le dikutung. Tholwana e phofo ke mohlodi wa calcium, e nale magnesium, potassium le B-complex vitamin mme e etsa seno se nang le vitamin C e hodimo. Ke palesa e tshweu e diyang e palesang ho tlowa Mphalane ho ya Tshitwe, di silafatswa ke dinonyana le ho hlahisa tholwana e motopo ka kgetla e thata ekwahetseng tholwana e phofo le peo e ruileng oli. Tholwana e bolelele ba 12cm, e ya omella sefateng mme e wele fatshe moo e kotulang teng. Ho nale mohopolo wa hore ho nka dilemo tse 8-23 pele baobab e hlahisa peo mme semela se hodileng se hlahisa ho feta 30kg ya ditholwana.

Ya ditlolo oli e inetswe, e ntshitswe le ho menahane esiti e nonneng ka e nale omega 6 ya ho ka fihla ho 30%. Metswako e oling (β–sitosterol) e nale metswao e matla haholo e ka fokotsang tshenyeho ya DNA diseleng. E nale vitamin A, D3, K le E. oli ya baobab hangata e ya bata mme etsa oli ya ho sidila e hantlee e monyelang kapele. Oli ena ka setso e sebediswa ho fodisa ho ruruha, tswaetso ya marenene, empa e ka ba molemo moriring o ommeng, o thusa molomo o bohloko le menyama. E thusa hape ka makgopo le ditlapedi mme e tsebahala ka ho kgutlisa le honolofatsa letlalo le ommeng.

Baobab e ikatisa ka peo mmoho le ka ho jala kapa ho kopanya dimela sefate se hola dibake tse kng tsa tropike empa di tshaba lehlwa. Baobab ke baamohedi ba dikokonyana tse ommeng tse kang phofo e tlatsa tlatsang dikokwanahloko tsa cocoa.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Sebongile Sonopo