Viognier

Tlhaloso

Viognier ke mofuta veine e tshweu, ka kakaretso o amana le morara wa Piedmontese, Freisa. Lebitso le tswa ho batho ba lefathe la Europe vidu, se bolelang patsi.

Tlhaho

Mofuta ona o hlaha Dalmatia, o tsebahala jwalo ka Croatia ho tswa Roman Empiror Marcus Aurelius Egquitius Probus, ho utlwahala e nketswe France ka dilemo tsa bo 280. Mofuta ona o ile wa hlaselwa ke kokonya e bitswang (Phylloxera epdemic), e ile ya senya serapa sa veine sa Uropa qetellong ya sentjhuri ya 19 mme ya batla e shwa yohle.

Ka selemo sa bo 1980, temo Rhone Valley, e neng e ballwa dibakeng tsa semmuso tsa dimela tsa Viognier lefatsheng, di ile tsa theohela ho dihectara tse 20. Setumo sa veine se ile sa hola ho tloha mohlang oo hofihla kajeno, Viognier e lengwa dibakeng tse hlahisang veine lefatsheng.

Mabitso a Mang

Mofuta ona lebitso la tlhaho e nele Vugava Bijela mme etsebahala ka Petit Vionnier le Vionnier.

Tlhahiso Afrika Borwa

Charles Black wa Fairview Paarl ke yena ya ileng a latella hore Vionner tsebahatswe Afrika Borwa. Semela sa pele se ile sa romela Afrika Borwa ka 1989 mme Black e ile yaba mohlahisi wa pele wa ho lema, veine ya Viognier ya e tswa ka 1990.

Sebaka sa Sehlahiswa

Viognier e ntse e emela karolo e nyane ya palo yohle ya sebaka se welang veining ya morara e hlahisitsweng Afrika Borwa. Le ha hole jwalo mefuta ona o jetswe dibakeng tsohle tse hlahisang veine ka hare ho naha, le Paarl e ballwang dibakeng tse kgolo tse hlahisang, e latelwe ke Swartland le Stellenbosch.

Ke mofuta o hlang maemong a futumetse a lehodimo, tatso tse fapaneng di hlaha ha e hlahiswa maemong a phodileng, mohlala dilomong tse phahameng tsa borwa kapa ha di lengwa dibakeng tse hlahelletseng moyeng o fokang ha sesame wa hlabula.

Kgolo

Mofuta ona o hola ka teka tekano, ka boholo ba dihectara tse kabang 6-8.

Ho Butswa

E butswa qalong, ho tloha qetellong ya Pherekgong ho ya mahareng a Hlakola.

Monokotshwai

Menokotshwai e mesweu le botala e ba bosehla bo sootho ha di butswitse ka ho felletseng. Menokotshwai e menyane, motopo ka sebopeho ka letlalo le lesesane. E nale tatso ya tholwana.

Makgasi

Makgasi a itekanetse ka boholo, a kgidikwe mme a nale marete a mahlano.

Disinyi le Mafu

Sefate sa morara se lokela ho etsetswa moriti bakeng sa ho balehela letsatsi ho o senya le etsa bonnete bah ore o fumana kganya e nepahetseng. Mofuta ona o tsahabana le hlobo, e ka etsa hlobo ha e jetswe mobung o nonneng.

Tshebediso

E rekiswa e le mofuta wa veine e le nngwe kapa e tswakuwe le e kgubedu le e tshweu, jwalo ka Chardonnay kappa Shiraz.

Tatso

Disele tsa Afrika Borwa di amahanngwa le dithungthung tse mmala wa lamunu, perekisi, tholwana ya tropiki, manyepa le dinoko tsa tswang kantle.

Translated by Sibongile Sonopo