Ntle le oli ya mmoane (hemp) e sebediswang haholo difemeng jwaloka sesebediswa se omisang kahara pente, e le pente e bonaletsang ebile e le senolofatsi, semela sa mmoane (Cannabis sativa) se ka sebediswa e le pampiri, ho monya tjhefu mobung le ho ba mohlodi wa dibeso.
Tshebediso ya mmoane bakeng sa pampiri e ka latellwa ho ya dilemong tsa 200-150 pele ho Kreste ha China e ne e etswa ka ho bopa mmoane o entsweng mokedikedi ho etsa maqephe a masesanyane.
Mongwahakgolong wa 7, ho ile ha ahwa difeme tsa ho hlahisa pampiri Botjhabela Bohareng le China. Tshebediso ya mmoane e ile ya phatlalla nqa bophirima. Di-Bibele le dibuka tse balwang tsa bangodi ba kang Mark Twain di ile tsa hatiswa pampiring ya mmoane mme Russia mmoane o ile wa sebediswa ho hatisa tjhelete le ditempe.
Pampiri e ka hlahiswa ka kgwele e telele e tswang kahara kutu kapa ka kgwele e kgutshwanyane ya mokedikedi. Pampiri e entsweng ka dikgwele tse telele e sesanyane ebile e mahwashe. Pampiri e entsweng ka mokedikedi wa dikgwele tse kgutshwanyane e ka nna ya se be matla, empa e bonolo ho e etsa, e bonojwana ebile e tenya mme e loketse ho sebediswa letsatsi le letsatsi. Ho tlatseletsa moo, mmoane o loketse tikoloho hobane mmoane o nka matsatsi a 120 ho hola ka botlalo ha ho bapiswa le dilemo tse nkwang ke sefate ho hola.
Dimela tsa mmoane di ka sebediswa mokgweng wa ho kgutlisetsa mobu setlwaeding ka lebaka la tshilafatso e kotsi, ho hula tshilafalo mobung jwaloka sepontjhe. Mmoane o ne o bile o sebediswa ho tlosa dintho tse kotsi tsa radioactive mobung kamora koduwa ya radioactive e etsahetseng Chernobyl naheng ya Russia ya 1986.
Dipatlisiso tse ding ka 2012 di bontshitse ha mmoane o monya ka bokgabane cadmium mobung. Cadmium ke masalla a sefutho sa mafura a masalla a ntho tsa kgale. Mmoane o ka hlwekisa tjhefu e kotsi mobung ho kenyeletswa masenke, meriana e bolayang dikokwanyana, oli e tala le tjhefu ya dithotobolong. Mmoane o lenngweng mobung o tjhefu ha o a lokela ho sebediswa ke batho.
Bafuputsi ba University of Connecticut ba fumane hore mafura a diesel a ka hlahiswa peong ya mmoane wa indasteri. Dipatlisiso tsa yunivesithi di supa hore oli ya mmoane e na le bokgoni ba 97% ba ho fetoha biodiesel mme e loketse enjine efe kapa efe ya diesel e tlwaelehileng.
Dikarolo tse ding tsa semela di ka sebediswa ho hlahisa tahi ya ethanol le ya methanol. Ka nako tse ding e bitswa “hempanol” kapa “hempoline” mofuta ona wa mafura o etswa ka mokgwa wa cellulolysis o bedisang le ho etsa phofudi ho tlhotla ethanol. Ethanol e tlhotlwa ka phofudi kamora ho bediswa ha semela mme methanol e hlahiswa kamora ho tlhotlwa ho ommeng ha karolo e patsi ya mmoane.
Translated by Maletsatsi Sejake