Tsamiso ya Dijalo tsa Broccoli

© Louise Brodie

Potoloho ya Dijalo

Potoloho le di allium (mohlala, eiee, konofolo, diliki) kapa dinawa.

Ho Hlahisa (dithane ka hektare)

Tlhokomelo: dithane tse 5
Karolelano: dithane tse 8
Molemo: dithane tse 12

Kotulo

Kotulo ya broccoli e ntse e etswa ka letsoho. Hlooho e ka sehloohong e kgaola ka bakwana ba bolelele ba disenthimithara tse 10 ho isa ho tse 15 ho thibela hlooho hore e se ke ya omella. Ha broccoli e qala ho fellwa ke matla ka potlako ka mora ho kotula ho molemo ho e kenya sebakeng se phodileng sa polokelo kapele kamoo ho ka kgonehang. Ho na le balemi ba bangata ba kgwebo ba kotulang mefuta e sa tshwaneng le ba kotudi ba mechine. Sena se hloka hore dihlooho tsohle di kotulwe ka nako e le nngwe.

Polokelo

Broccoli e bolokilwe ka Noto ho ya ho 1°C le 95% ya mocheso o ka bolokwa matsatsi a 14. Broccoli e boloketswe ka nako e telele ho lahlehelwa ha yona mme ho bolelwa hore e lahlehelwa ke ditshobotsi tsa yona tsa bophelo bo sa feleng.

Tse Senyang Dijalo

Kaha broccoli e hodileng ka dikgwedi tsa mariha, tse senyang di atisa ho ba tlaase. Leha ho le jwalo, hoa hlokahala ho hlahloba le ho latela mokgwa wa tshireletso ya dijalo. Tse ding tse senyang dikokonyana tse fumanwang ke tsena:
Bollworm, aphids, Root fly, diamond-back moth le webworm.

Malwetse

Malwetse a tlwaelehileng haholo keblackleg, black rot, downy mildew, cubroot, soft rot le sclerotinia rot.

Translated by Bongani Matabane