Tlhahiso ya Truffle Lefatsheng

©Woodford Truffles

’Kwaeyalekgwaba’ e ka tlasa mobu e monko o monate e roriswa haholo didikadikweng tsa dijo. Tse fumanehang thoteng hara metso ya difate tse itseng,truffles di ka boetse tsa lengwa mme di hloka boemo ba lehodimo bo batang le mobu o alkaline o kenelang metsi habonolo.

Truffle ke Eng

©Woodford Truffles

Truffles ke hlobo e tshekaletseng e motso o motenya e behang e fumanwang haufi le metso ya difate tse itseng, tse kang eike, popliri le kedare. Ka ho se tshwane le kwaeyalekgwaba e nngwe e kang ya konopo a (mofuta wa Agaricus) e holelang sebakeng sa monontsha, truffle e na le dikamano tsa tshebedisanommoho le metso ya difate.

Truffles ha di shebahale jwaloka kwaeyalekgwaba empa ekare majwe a kgidikwe, a makukuno kapa a dihloba a mmala o bosootho bo hlakileng, bosootho bo tebileng kapa botsho. 

Truffles di na le monko o bohale wa mobu le e meng e hlahellang ya tjhisi, konofolo, ka nako tse ding musk, matokomane kapa tholwana, ho ya ka mofuta. Monko ona o utullwa ke dintja tse tjhorisitsweng tse tla lebisa ya e tshwereng moo truffles di ka fatwang teng.

Mefuta ya Truffles

Ho na le mefuta e fetang 40 ya truffle, empa ke e mmalwa feela e nang le boleng ba thekiso mme e meng e fumaneha feela thoteng. Truffle tse pedi tse kukelwang hodimo ke tse tshweu le tse ntsho. Truffle e tshweu (Tuber magnatum) e boetse e tsejwa ka la Alba truffle mme e fumanwa sebakeng sa lebitso leo. Truffle e tshweu e leqeme mme ke yona e theko e boima ka ho fetisisa ho truffle tsohle. 

Truffle e ntsho ya mariha (Tuber melanosporum) e hola hohle Yuropa Bophirima mme le ka ho ikgetha Périgord lebatoweng la France, mme kgafetsa e bitswa Périgord truffle. E monko o tebileng ho feta truffle e tshweu. 

Truffle e nngwe e lenngweng (ntle le truffle e tshweu le e ntsho) e kenyeletsa truffle ya mariha (Tuber brumale), truffle ya lehlabula (Tuber aestivum var. aestivum), Burgundy truffle (Tuber aestivum var. uncinatum), hammoho le truffle tse tshweu le tse ntsho tsa Oregon. Truffle tse pedi tsa Oregon di fumanwa le ho lengwa dinaheng tse kopaneng tsa Amerika mme di na le tatso e bobebe ya tropike ka menko ya monokotshwai. Hangata truffle ya Oregon e kopanngwa le dessert. 

Afrika Borwa, truffle ya Périgord (truffle e ntsho ya mariha) e hlahiswa haholo, empa dihwai tse ding tsa truffle ba qetile ka ho lema Tuber aestivum le Tuber brumale. Aestivum ke truffle ya lehlabula mme Brumale ke truffle e nngwe ya mariha.

Dinaha tse Hlahisang Truffle

Ka lebaka la boleng bo hodimo ba truffle, tlhahiso ya truffle e potapotuwe ke makunutu. Ho akanngwa ha Spain e le yona e di hulang pele ka tlhahiso ya truffle ka ho leptjwa ha ditone tse 60 (ka 2018) ho latele Italy (30 ditone) le France. Haesale ka 1999, tlhahiso ya truffle ya Australia e hodile ho fihla ho ya France. 

Bahlahisi ba bang ba karolong e borwa ya lefatshe ke New Zealand, Tasmania, Chile le South Africa.

Translated by Maletsatsi Sejake