Tlhahiso ya Lime

© Louise Brodie

Di-lime di hola hantle boemong ba tropike le ba subtropike. Ho dumelwa ha di tswa Borwa-botjhabela ba Asia - pela leboya la India, dikarolo tse kopanang tsa Myanmar, Malaysia le Indonesia. Ka mongwahakgolo wa 10, barekisi ba Arab ba ile ba tlisa lime ha ba kgutla maetong a bona ho ya Botjhabela mme ba e tsebisa Egepeta le leboya la Afrika. Ha ba-Moor ba Arab ba ile ba isa tholwana Yuropa mongwahakgolong wa 13. 

Di-lime di dumelwa ha di hlahile mefuteng e fapaneng ya ho nyadiswa, mme tlwaelo e akaretsang ke ya hore citrus e bokahare bo botala e bitswe lime. Ha e le hantle,mefuta e fapaneng e fapane ka haholo ka diphatsa tsa lefutso.

Di-Lime di Bapiswa le Disirilamunu

Di-lime di kgidikwe mme di na le mmala o motala ha ho bapiswa le disirilamunu, tse  sebopeho se motopo ka mmala o bosehla bo hlakileng. Di-lime hape di batla di le nyane ho disirilamunu. 

Ditholwana tsena ka bobedi di esiti le ho ba bodila, empa di-lime di batla di na le tatso e babang. Ho na le di-lime tse tswekere le tse bodila. Di-lime tse tswekere ha di na esiti ya citrus e fang di-lime tse bodila tatso ya tsona e bodila.

Tlhahiso ya Matjhaba

Tlhahiso ya lime e nyane ha ho bapiswa le ya ditholwana tse ding tsa citrus. Jwalokaha ho bontshitswe ke Tridge, Spain ke yona e ka sehloohong ka ho romela kantle ho naha, ka boikarabelo ba 18.8% ba thomello yohle ya lime kantle ho naha ka 2018, ha Mexico e nkile boemo ba bobedi, ka 15.6% ya bongata ba ho romela thepa kantle ho naha. 

Dinaha tse kopaneng tsa Amerika ke yona e amohelang thepa ka ho fetisisa ka 15.6% ya ho amohelwa ha tholwana ya lime ka hohlehohle ka 2018, ha Germany yona e nkile boemo ba bobedi, ka boikarabelo ba 11% ba ho amohela thepa. France le Netherlands di arolelane boemo ba boraro, e nngwe le e nngwe e ikarabella ho 7.2% ya ho amohelwa ha thepa ka hohlehohle.

Tlhahiso Afrika Borwa

Tlhahiso ya lime Afrika Borwa e nyane haholo, ka hektara tse 82 feela tse ngodiseditsweng  ho romelwa kantle ho naha ha thepa ka 2018. Sena ke ka lebaka la hobane dihwai di kgona ho fehla lekeno le fetang ka ditholwana tse ding tsa citrus.

Tlhahiso ya Lehae

Lime e hlahiswa ho haola le naha yohle bakeng sa ho sebediswa lapeng kapa ho fepela barekisi ba lehae. Le ha ho le jwalo, Hoedspruit e na le sebaka se fetang halofo se ngodiseditsweng ho romela thepa kantle ho naha ka 2018. Ha Boland yona e na le hektara tse 12 mme Kapa Bophirima le Patensie di na le hektara tse 8 sebaka ka seng. Hektara tse supileng di ile tsa ngodiswa bakeng sa ho romela thepa kantle ho naha Groblersdal.

Mefuta

Bearss le Tahiti ke mefuta e lengwang ka ho fetisisa ya lime Afrika Borwa. Mofuta wa Bearss  o nahanwa o tswa California, ho tswa sethopong se ileng sa hlahiswa tholwaneng ya Tahiti. E ile ya rehellwa monga teng, TJ Bearss, wa sebaka sa dijalo moo e hlahiseditsweng teng. 

Mohlodi wa nnete wa lime ya Tahiti ha o tsejwe. Lebitso lena le bolela hore mofuta o ile wa tliswa California ho tswa Tahiti kae-kae pakeng tsa 1850 le 1880. Mofuta o nahanwa o hlahisitswe ho nyadisweng hararo, ho kenyeletsang bonyane dihlopha tse pedi tse fapaneng tsa citron , pummelo le mofuta o monyenyane haholo wa citrus.

Nako ya Selemo

Le hoja dihwai tsa Afrika Borwa di kgona ho kotula selemo ho pota, nako ya selemo e phahama ka Pherekgong ho ya ho Motsheanong.

Tshebediso

Di-lime di ruile ka flavonoids, tse nang le makgabane a ho thibela mofetshe le ho ba antioxidant. Lero, ka mohlala, le sebedisitswe Afrika Bophirima ka dilemo tse ngata ho phekola le ho thibela lefu la letshollo le tshwaetsang la k’holera. Di-lime di boetse di ruile ka divithamini le diminirale. E na le vithamin C e fetang 30% e hlokwang ke batho ba baholo.

Ka lebaka la tatso ya yona e bodila, ha se hangata lime e jowang e le jwalo. Lero le letlalo, hangata a sebediswa ha ho phehwa, ha dikgetjhana tsa lime tsona di ratwa haholo e le mokgabiso wa  dinomaphodi le dino tse ding. 

Ho fumana lero le lengata la di-lime, di lokela ho tlhotlwa di le ho themphereitjhara e tshwanang le e ka phaposing. Lelwapi le lesweu le ka tlasa letlalo le letala le na le tatso e babang, mme le lokela ho qojwa ha ho hohlwa kapa ho sehwa lime ho eketsa tatso.

Translated by Maletsatsi Sejake