Tlhahiso ya Buckwheat

© Jasper Teboc (North Carolina State University)

Buckwheat (Fagopyrum esculentum) ke semela sa selemo le selemo se thunyang dipalesa, se holang ho fihlela ho 1.2 m ka bophahamo ka motso o moholo o phunyeletsang le nako ya ho hola e kgutshwanyane. E lemelwa peo ya yona e kgutlotharo bakeng sa ho jewa ke batho, e le dijo tsa diphoofolo ebile e le semela se kwahelang mobu. 

Ke sejo-thollo se ikgethileng se sa amaneng le koro. Le ha ho le jwalo, le ha e sa tswe sehlopheng sa jwang jwaloka dijo tsa hoseng, e mokgahlelong wa dijo-thollo tsa dijo tsa hoseng. 

Ke sejo sa Borwa-botjhabela ba Asia mme e lenngwe moo dilemo tse balwang ka dikete. E ne e lengwa China dilemong tse 1000 pele ho Kreste, e ile ya tliswa Yuropa mongwahakgolong wa 15 mme ya atela dinaheng tse kopaneng tsa Amerika mongwahakgolong wa 17.

Bahlahisi ba Buckwheat

Russia le China ke bahlahisi ba baholo ka ho fetisisa ba buckwheat lefatsheng lohle ka dihektara tse fetang 700 000 le 661 000 ka tatelano. Bahlahisi ba bang ba kenyeletsa Ukraine (167 000 hektara), France (111 000 hektara) le USA (83 000 hektara).

Tshebediso ya buckwheat Afrika Borwa e sehetswe moedi - e sebediswa haholo e le semela se kwahelang mobu. Buckwheat e lenngwe haholo dilemong tse balwang ka mashome tse fetileng, empa ka lebaka la masalla a fokolang a kotulo ya yona le ho itshetleha ho sephara ho masalla a semela sena bakeng sa ho fepa diphoofolo, tlhahiso ya buckwheat bakeng sa peo ya yona e nyane.

Tshebediso ya Buckwheat

Buckwheat ha e na gluten, e na le protheini e hodimo, tlheferetsi, magnesium, calcium, potassium, phosphorus, esiti e mafura: omega 3 le 6, niacin le folate. 

Peo ya Buckwheat, empa haholoholo mahlaku, a na le rutin e fanang ka mmala, e tsejwang ka ho matlafatsa mabota a methapo e menyane ya madi. Teye ya Buckwheat e tala ka mmala e na le rutin e hodimo ka ho fetisisa mme e thusa ho fokotsa mafu a pelo, ho fokotsa kotsi ya ho thatafala ha methapo e meholo hammoho le ho ba le melemo ya antioxidant. Thollo e jowa e felletse kapa e tlositswe letlalo, e phehelletswe motohong, e sitswe ho etsa phofo kapa e tutswe. 

Peo e tlositsweng letlalo, e boetseng e tsejwa e le buckwheat e tutsweng, e ratwa haholo (e le tala kapa e sa tswa thunya) dijong tse tala mme e sebediswa ho disalate, ya tshelwa sophong le setjhung mme ya sebediswa dikukung tse hlokang tswekere le ho dijo tsa nakwana tsa granola. 

Phofo ya buckwheat (e entsweng ka peo e sitsweng) e sebediswa ho etsa noodles le ho kenyeletswa metswakong ya ho baka e se nang gluten. Peo e hadikuweng ya buckwheat e bitswa kasha. Kasha e bosootho bo bofubedu e na le tatso e matla ya matokomane, e hadikuweng. Phofo ya setso Russia, Poland le dinaha tse ding tsa Yuropa-Botjhabela, buckwheat e ka boela ya sebediswa ho etsa asene, jwala, tahi le teye.

Makgapetla a buckwheat (kamora hoba peo e tloswe) e ka fepjwa diphoofolo tse thuisang (dikgomo, dinku, dipodi, j.j) le bommaditshibana. 

Ka lebaka la ho ratwa haholo ke dinotshi, manepe e ka ba sehlahiswa sa morao ho dihwai tsa buckwheat. Manepe a buckwheat a na le protheini e hodimo mme a na le dimatlafatsi tse hlokwang ka bonyenyane tse 22 ho tse 24 moo tshepe e leng ngata.

Translated by Maletsatsi Sejake