Temo ya Truffle Afrika Borwa

©Woodford Truffles

Temo ya truffle Afrika Borwa ke indasteri e sa leng nyane empa e hola, ebile e shebane le tlhahiso haholo ya truffle e ntsho ya France e amahanngwang le difate tsa eike. Ke kgwebo e boemo bo tsebo e tebileng e hlokang boemo ba lehodimo bo phodileng, difate tsa eike tse entuweng, mamello le dintja tse tjhorisitsweng tse fofonelang.

Truffles di Lengwa Jwang

Ho lema truffles ho ya ka theknoloji e fumanehang ho enta difate ka peo ya hlobo ya truffle, e etsahalang maemong a laolwang ka hloko. 

Ho hodisa truffles le ho theha truffière (sebaka mobung moo truffles di lengwang teng). Boemo ba lehodimo bo lokela bo be bo lokile. Afrika Borwa, truffles di ka lengwa feela dibakeng tse batang ka ho lekaneng; palohare ya themphereitjhara ya mariha bosiu le motshehare e lokela ho ba 8°C. Dibaka tse loketseng di kenyeletsa Kapa Bophirima, KwaZulu-Natala Midlands, Dullstroom/Machadadorp le pela Clarens.

Mofuta ofe kapa ofe wa mobu o loketse truffles, empa ntlha ya hore metsi a kene habonolo yona e hlokolosi. Ho pH ya mobu e lokela ho ba 7.9 mme ho nosetswa (ho kenngwe pele ho lengwa) ho lokela ho tlatseletsa ho fumaneha ha metsi ha 4 000 ho ya ho 6 000 m3 ka selemo. 

Sethopo sa difate tse itseng (tse amahanngwang le mefuta e itseng ya truffles e tla lengwa sebakeng seo) se entwa ka peo ya truffle, e leng peo ya hlobo. Sethopo sena ebe se dumellwa ho holela sebakeng se hlwekisitsweng. 

Nakong e ka etsang dikgwedi tse 18 kamora ho entwa, ‘difate tsa truffles’ di lengwa botjha masimong a ditholwana mme ho tla feta bonyane dilemo tse ding tse nne pele truffles di ka kotulwa haufi le metso ya difate. 

Afrika Borwa, difate tsa eike tse tala le tsa English di a sebediswa bakeng sa temo ya truffles. Ho ya ka Volker Miros wa Woodford Truffles, difate tsa matokomane a hazel ha di sa sebediswa. ‘Le ha di hlahisa truffles kapele, mosebetsi wa ho tlosa dithungthung (dithungthung tse holang di paqame kutung ya sefateng) o ba mongata.'

Ka kakaretso, tjhai ya truffle Yuropa e ka ba pakeng tsa 28 le 39 kg ka hektara, empa ka mekgwa e ntlafaditsweng ya temo le bolaodi, tjhai e ka fihla ho 120kg/hektara. 

Masimo a truffle a Afrika Borwa a ntse a le matjha mme ditekanyetso di sa le tlase. Tjhai e lebeletsweng le e fetileng ha se hangata di tlalehwang, feela sehwai se le seng sa Afrika Borwa o tsebisitse tjhebelopele ya 100 kg bakeng sa 2020. Sena e ka ba 5 - 10 kg ka hektara.

Kotulo ya Truffles

Truffles di kotulwa hanyane dilemo tse ka bang nne kamora ho lema difate, empa ho na le maqiti a indasteri a ho kgutsufatsa nako ena, ho netefatsa Mr Miros. ‘Kotulo ya 90 ho ya ho 120 kg/hektara selemong sa boleshome e nkwa e le ntle mme e na le phaello.’ 

Truffle e ntsho ya Périgord e kotulwa pakeng tsa Phupjane le Phato Afrika Borwa. Truffle e hodile mme e loketse ho kotulwa ha e le ntsho le ho ba le dihloba kantle mme e na le bokahare bo hlakileng le ho ba le methapo e nang le matheba a matsho a qadikaneng. 

Ntja e tjhorisitsweng e iswa masimong mme e lebe moo moya o tswang teng ho tsoma truffles ka ho di fofonela, tse tswang monko wa teng wa umami o tswellang mobung. Nakong e fetileng, dikolobe di ne di sebediswa, empa hona ha ho sa etswa hobane di thabela ho ja truffles. 

Ebe truffles di ntshwa mobung ka letsoho. Truffles di fumanwa botebong bo 40 cm mobung o lehlabathe hammoho le ka tlase hanyane feela mobung o letsopa, ho bolela Volker Miros wa Woodford Truffles e Hout Bay. 

Bahlahisi ba truffle karolong e borwa ya lefatshe (jwaloka Afrika Borwa, Chile le Australia) ba rekisa kantle ho naha ho ya Yuropa ka lehlabula la karolo e leboya ya lefatshe, ha phepelo ya truffle ya Yuropa e le tlase.

Ho Boloka le ho ja Truffles

©Woodford Truffles

Ha e bolokilwe ho 4°C, truffle e ntjha e ka dula ho fihlela matsatsing a 18. Le ha ho le jwalo, e fellwa ke tatso ya yona ya umami ha nako e ntse e tsamaya.

Hangata truffles di jowa tala; di sehuwa hasesanyane hodima pasta, pizza, ho risotto kapa ho tlhotlellwa morong le dijong tse futhumetseng. Truffle ya lehlabula e ntsho kapa e bofubedu ba sebete (Burgundy) e lokile ha e jowa e phehuwe. 

Bareki ba eletswa ho bala dipampitshana tsa dihlahiswa tse nang le truffle. Ebang e re ‘truffle flavour’, ke ya bokunyata. Truffles ha di kgone ho mamella tshebetso ya dik ’hemik’ hale mme le ha pampitshana ya lesedi e ka re ‘natural truffle flavour’ ho bolela hore tatso e hutswe mohloding wa tlhaho o kang kwaeyalekgwaba ya shiitake.

Translated by Maletsatsi Sejake