Temo ya Lelala-tau

© Louise Brodie

Ho ata

Ho ata ho tswa ho peo

Mokgwa wa ho Lema

Ho jala ka ho toba ha dipeo tsa lelala-tau ho ka etswa, empa ho molemo ho lema dipeo ka ho hlokomela ya dimela mme hoo e ka bang hamorao dikgwedi tse leshome lema ho tswa le sethopo sa peo se matla ka ho fetisisa feela. Thala lehare le leholo le nang le V ka 200 mm hodimo sebakeng sa semela le ho lema dipeo (kapa meqhaka e meholo) ka hara mohare ebe o kwahela ka mobu owa 50 mm. Hang ha dipeo di dula mme dikgahla tsa dimela di thehile mme, ha semela se ntse se hola, kwahela le mobu o setseng ho tiisa hore moqhaka o kwahetswe ke dimilimithara tse 150 tsa mobu.

Ho Arolwa

Dimela di lokela ho arolwa ka disenthimithara tse 20 ho isa ho tse 30 kahare ho mela ka bolelele ba disenthimithara tse 150 ho isa ho 200. Sena se pakeng tsa dimela tse 20 000 le 30 000 ka hektare.

Nako ya ho Jala

Jala peo nakong ya lehlabula ho fihlela hwetla le dikgwedi tse leshome hamorao dipeo tsa hao kapa diqhaka tsa lona di tla ba di loketse ho lema.

Nako ya ho Lema

Ho lema ho etswa mathwasong a selemo ho fihlela lehlabula. Ho tloha ka Phato ho ya qetellong ya Pudungwana Afrika Borwa.

Nako ya ho Hola

Dimela tsa lelala-tau di ka dula dilemo tse ka bang 15. Nako ya ho hola ha marumo a hlahiswang le ho kotulwa ho tloha ka Mphalane ho ya ho Hlakubele. Ho ya qetellong ya selemo ho fihlela hwetla.

Ho Hlahisa Ditholwana

Pele o lema, ho lokela ho etswa tlhahlobo ya mobu ho netefatsa hore na dimatlafatsi di hloka eng. Haeba mobu o le motswako o moholo, jwale lelakala le lokela ho sebediswa le ho lema mobung pele o lema. Nakowana pele lema le qadisa ho sebediswa ha manyoro a kgoho kapa bonyane dikhilograma tse 1000 tsa NPK motswako wa 2:3:2 o lokela ho sebediswa hodimo ho modimong o 400 mm.
Hang ha dimela di se di le teng mme dipontsho tsa pele tsa marumo di bonahala, sebedisa 800 kg ka hektare ya 2:3:4. Hang ha marumo a pele a kotulwa, ho na le kopo e eketsehileng ya nitrojene e nang le dikhilograma tse 150 ka hektare ya LAN e ka fetisetswang melaong ya dimela. Kopo ya ho qetela kotulo ya dikhilograma tse 150 ka hektare ya LAN e ka fuwa dibeke tse tsheletseng ka mora nako ya kotulo.

Ho Nosetsa

Sebedisa dimilimithara tse 25 ho isa ho tse 30 tsa ho nosetsa ka beke ho fihlela tsamaiso ya motso e thehilwe hantle mme ka mora moo dikarolo tsena di ka fetisetswa matsatsing oohle a 14 ho pholletsa le kotulo. Haeba pula e eba teng, metsi a nosetso a ka kgutsuwa mme ka komello e feteletseng kapa mocheso o tlaase. Ka tsela efe kapa efe etsa bonnete ba hore o sebedisa tshebetso ya mocheso wa mobu ka ho fata neutron, methapo ya motlakase kapa ka tsela ya tataiso e sebediswang ho sebedisa kgarafu kapa augur.

Translated by Bongani Matabane