Di-cheri tse tswekere (Prunus avium) di hlaha dikarolong tsa Yuropa, Turkey, Afrika le Asia. Ha ho qala ho buuwa ka dicheri e ne e le dilemong tsa 372 ho ya ho 272 pele ho Kreste; ho supang hore dicheri tsa pele e ka nna yaba di ne di lenngwe Greece ya boholoholo.
Di-cheri tse bofubedu bo fifetseng ho ya ho tse batlang di le ntsho, dicheri tse bodila kapa tsa tart, Prunus cerasus, tse melang difateng tse nyane hangata di jallwa ho pheha le ho baka. Di-cheri tse bodila di hlaloswa ha di le phepo e ntle ho feta dicheri tse tswekere mme di ruile ka melatonin.
Afrika Borwa, ho hlahiswa dicheri tse tswekere feela, ka boholo ba tlhahiso bo tswang dibakeng tse batang motseng wa Ceres. Le ha ho le jwalo, ke motse wa Ficksburg profenseng ya Free State, o tummeng ka tlhahiso ya oona ya dicheri tse benyang, hammoho le moketjana wa selemo le selemo wa Cherry, o tshwarwang ka Pudungwana.
Ho ya ka ditlaleho tsa boholoholo, masimo a pele a dicheri Afrika Borwa a ne a lengwe Gydo Pass kantlenyana ho motse wa Ceres o Kapa Bophirima, ka 1890. Le ha ho le jwalo, tlhahiso ya pele ya dicheri ya kgwebo Afrika Borwa, e qadile ka 1904, haufi le Clocolan profenseng ya Free State. Sebakeng sena, e ka ba dihektara tse 5 tsa dicheri tse ileng tsa lengwa ke Harry Pickstone, ka thuso ya baromuwa ba Germany.
Temo ya dicheri haesale e hola ho tloha ka nako eo. Ka selemo se le seng feela, pakeng tsa 2017 le 2018 ho lengwa ha dicheri ho eketsehile ka 25% ho ya ho dihektara tse 388 ka kakaretso. Ho na le dikarolo tse ka bang 30 tsa tlhahiso ya dicheri Afrika Borwa, tse okametsweng ke bahlahisi ka 23 ba kgwebo, ka tlhahiso ya dicheri ya kakaretso e fetang 1 000 ya ditone selemong sa 2018/2019 sa tlhahiso.
Ho bile le keketseho ya 76% tlhahisong ya dicheri pakeng tsa 2013 le 2018, mme sena ke ka lebaka la tshehetso ya ditjhelete ke letlole la dimela tse ding la lefapha la temo la Kapa Bophirima. Dithuso tsa ditjhelete di thusitse ho eketsa ho fumaneha ha dikutu tse nang le metso tsa dicheri, ho ngodiswa ha dik’hemik’hale tse loketseng ho sebediswa difateng tsa dicheri, le ho pokello ya lesedi la bohlokwa ka dicheri Afrika Borwa. Diphuputso di etswa haholo ke South African Cherry Growers Association (SACGA) le Hortgro. Diphuputso tsa ha jwale di kenyeletsa dithuto tsa ho ikamahanya le ho kgetholla ho ikamahanya ha dicheri le maemo a fapaneng a lehodimo.
Temo ya dicheri e lekanyeditswe dibaka tse itseng feela ka lebaka la ditlhoko tsa boemo ba lehodimo bakeng sa semela sena se thefulehang habonolo. Dicheri di hloka lehlabula le mahareng le mariha a malelele a batang, ka serame se lekaneng hore semela se phomole nako e telele ka tlasa 7˚C.
Dintlha tsena di lekanyetsa temo ya dicheri dibakeng tse hodimo haufi le Ceres e Kapa Bophirima, hammoho le Free State le Bokone Bophirima, hammoho le dibakeng tse nyane tse diprofenseng tsa Limpopo, Gauteng le Mpumalanga.
Dicheri ke dimela tse butswang ka potlako, ka matsatsi a 55 ho ya ho 70 feela ho tloha ho tsamaisweng ha peo ho ya ho kotulweng, ho itshetlehile ka mofuta wa semela. Kotulo ya teng ke mosebetsi o boima; dicheri di hloka ho kotulwa ka letsoho ho boloka kutu ya teng e tiile. Di lokela ho phodiswa ha potlako ho ya ho 0.5˚C ho netefatsa hore di dula nako e telele di kotutswe le hore di lokele ho romelwa UK-mmaraka o ka sehloohong, Botjhabela Bohareng, Yuropa le Russia.
Temo ya dicheri tse tswekere Afrika Borwa e ne e qalwe ka ho lema mefuta ya dicheri e kang Early River, Early River, Early Red Five, Giant Heidelfinger, le Bing. Ho ena, Bing e kgolo ebile e le bofubedu bo fifetseng le Giant Heidelfinger e bofubedu bo botsho di ntse di lengwa. Ho na le mefuta e mengata e fapaneng e lengwang Afrika Borwa, mme e kenyeletsa Royal Hazel, Royal Dawn, Royal Lynn, Royal Edie le Royal Helen. Mefuta e kang Van le Sweet Ann e sebediswa ka phapanyetsano ya ho tsamaiswa ha peo. Mofuta wa semela wa pejana ke Royal Tioga mme nako ya selemo ya dicheri e fella ka Staccato.
Mofuta wa semela sa cheri o bodila o ratwang haholo (USA) ke Montmorency.
Jwalokaha ho lemohuwe tlalehong ya Hortgro ya Phupu 2019 ya Cherry Industry Overview, mofuta o ka sehloohong wa dicheri Afrika Borwa o lengwang ke mohlahisi a le mong ke setlabotjha se sefubedu, Royal Hazel. Ona ke mofuta o kgonang ho bolokwa hantle kamora kotulo; o loketse ho tsamaiswa ka sekepe mme o se ntse o etsa 10% ya masimo ohle a Afrika Borwa, ka dihektara tse ka tlasa 390 ka 2019. Mefuta e meng ya dimela tsa dicheri e lengwang ka bongata e kenyeletsa Royal Edie le Royal Helen.
Translated by Maletsatsi Sejake