Swiss Chard

© Louise Brodie

Lebitso la saense: Beta vulgaris var.cicla
Mabitso a Tlwaelehileng: Swiss Chard

Tlhaloso ya Semela

Semela se nang le makgasi a nang le lesedi le kganyang kapa makgasi a botala bo lefifi le bolelele ba disenthimithara tse 25 ho isa ho tse 40 le bophara ba disenthimithara tse 15 ho isa ho tse 20. Makhasi a qala ka ho toba ha a eso hlahe empa ha makgasi a ntse a hola makgasi a ntse a ruruha haholwanyane. Mefuta e fapa-fapaneng e na le mebala e mengata e fapaneng e etsang hore ho be le menyetla ya ho rekisa e thahasellisang le dipontsho bakeng sa bareki le bahlokomedi. Semela se ka kwahelwa ka dilemo tse pedi ho kgaola ha makhasi a theha.

Ho Sebedisa

Makgasi a jewa a phehilwe mme makgasi a mangata a boetse a jewa a le matala ka salate. Makgasi a boetse a etswa senwa maphodi. Semela sena se na le vithamine A e phahameng mme e phahame haholo. Ho phetse hantle ka dijo tse matlafatsang ha bana.

Ditlhoko tsa Mobu le Ditokisetso

E ka lengwa mefuteng e mengata ya mobu empa semela se etsa se molemo ka ho fetisisa mohlabong wa motswako wa mobu le lehlabathe o hlwekileng hantle mme se na le pH pakeng tsa 6 le 7. Semela se ke ke sa mamella mobu wa acid e le ho sebediswa ha Dolomitic Lime ho ka hlokeha ho tlisa mobu ho fihlela ho 6pH.

Boemo ba Lehodimo

Swiss chard ke semela sa sebaka se phodileng sa lehodimo mme se ka atleha mochesong o pharaletseng o pakeng tsa 8 le 25°C. Semela ha se sebetsane le serame se feteletseng ka tlasa 5°C kapa mocheso o ka hodimo ho 28°C. Le hoja semela sena se ka kgona ho phela ka makgetlo a seng makae a serame ha se hanyetse ho hang. Mefuta e phahameng ya mocheso o matla wa makgasi.

Mefuta e sa Tshwaneng ya Sehlahla

Magenta Sunset, Fordhook Giant, Canary Yellow, Lucullus, Flamingo Pink, Red Rhubarb le Barese ho tse seng kae.

Translated by Bongani Matabane