Sourplum e kgolo Ximenia caffra ke sefate se senyane ka sehalahla se nang le ditholwana tse jewang tse mmala wa lamuno-mokgubedu mme e sebediswa nthong tse ngata tsa setso. Hangat e sebediswa e le moedi wa sekirini tshimong ho hohela dinonyana tse jang tholwana le dirurubele, e ka hola ho fihla ho 6m ka bolelele makgasinyana a nang le mooko. Sefate se tsebahala hape ka sefate se hlaha kapa sefate sa ditshwene.
Sourplum e hola merung, dihlahleng le majweng e hola hape le bohlweng. Afrika Borwa mefuta e mmedi e holaborwa le bohareng ba sebaka sa Limpopo.
Boholo ba dikarolo bo a sebediswa.
Mokgabiso o makgasing o sebediswa ho hlatswa mahlo, ditemetwane le ho tlosa dikokwana mmeleng. Makgasi a phofo a sebediswa ho laola ho hloka thari le lefuba. Metso ya phofo e sebediswa sophong le biring e le monyolla koto le ho fodisa diso, ha motoho o entsweng hotswa metsong e ka thusa ho laola lehlatso baimaneng. Tholwana e bodila e nale divitamini tse hodimo (27%), e jowa ke dinonyana, diphoofolo le batho mme e ka sebediswa jemeng. Matokomane e ona a ya jowa. Patsi e thata mme e sebediswa ho etsa botshwaro ba di sebediswa kapa ho lokisa.
Peo e nale kgefutso e hodimo (60-70%) ya oli e sa shweng e ntshang serame. E ruile esiti e nonneng mme e sebediswa jwalo ka oli ya lampi, ho nolofatsa diphoofolo le hoba oli ya thapo ya seqha.
Ka lebaka la esiti e nonneng e iketstesa oli ya ximenia e amanang le boikemelo ho ruruheng, e nale sethibela botsofe mme ananelwa ka dinolofatsi tsa yona. E sebediswa jwalo ka oli ya mmele le moriri, e ruile esiti ya ximenynic e nang le melemo letlalong bakeng sa ho tsofala. Dithuto di bontshitse tlhaboloho ho esiti ya ximenynic ha ho tluwa phallong ya madi. Tsamaiso ya madi e ile ya phahama sehlpheng sa sa basadi ba ithaopileng ka mafura, ba fana ka romo e nang 0.5% ya esity ya ximenynic.
Ximenynic e hola ha bobebe ho tswa peong e foreshe ka hara motswako wa 5:1 ya lehlabathe la lewatle le ditlama. Ha e omele, e tshaba leqhwa mme e ka hola hofihlela ho 0.5m ka selemo.
Translated by Sebongile Sonopo