Semela sena hlwang se hahabang sceletium tortuosum se tsebahala le ho sebediswa Afrika Borwa dilemo lemo. MaKhoisan a sebedisi semela mme ba setsebeisa e le sephamisa morolo le ditlamorao tsa pele tsa bakoloniale ka bo 1662. E tsebahala jwalo ka tortuose fig marigold, ‘kanna’ kapa ‘kougoed’ (ho hwa ho hlafuna) semela se ommeng se ne se hlafunwa besitswe kapa o se hula jwalo senifi. E ne e hlahisa nyakallo le ho fadimeha mmoho le susumetsa hantle theola maikutlo. Ene e sebediswa ke badisa le ditsumi ho hatella takatso ya dijo ha bale thoteng matsatsi. Tee e etsweng ka kanna e ne e sebediswa ka nako e nngwe ho fepa matawa ho ba tlosa taing le mme kgabana e ne e kenngwa lebeng la letswele ho lalola lehlaba baneng, e ntse e sebediswa dibakeng tse ding tsa mahae.
Mokgwa wa setso wa ho lokisetsa ‘kanna’ ke ho isila mme e ritelwa e be e ya omiswa. Semela se kotulwa (kaofela, empa le metso e ntshuwe), jwale e sitswe, e kenywe mokotleng (ka setso ho sebediswa mokotla wa setso) mme tlohelwe matsi a itseng ho bela. Mme e ne qhalanngwa letsatsing ho oma mme e etswe phoofo kapa kwae, e hlafunwe kapa e etswe tee. Ho e sila le ho ritela ho bohlokwa ho theola sekgahla matla a tjhefu ya oxalic acid. Kgefutso ya 4g e lebeltswe ho tswa ho 100g dintho tsetshwarehang tse foreshe.
Tukisetso ya sejwale jwale e kenyelletsa sceletium tortuosum ke moriana ho fedisa ho tshwenyeha le kgatello ya maikutlo. E nale mesembrine le metswako e amanang le metswako e tsebahalang ka ditlamorao tsa tsamaiso ya ho tshoha. Metswako ena e sebediswa hape jwalo taolo ya e lekaneng ya kgatelo ya maikutlo, tahi le dithetefatsi, bulimia nervosa le taolo ya malwetsi. Sehlahiswa sa Afrika Borwa se dumelletsweng Zembrin, e tswa ho Scelentium tortuosum. Zembrin e fupuditswe mme ya ntshetswa pele bake sa dilemo lemo mme e ya fumaneha Afrika Borwa le USA tolebankeng e le moriana o phahamisang maikutlo, mme e fokotsa ho tshoha le kgatello ya maikutlo. E sebedisi hape le e le sesebediswa sa ho fokotsa hotshwenywa ke kgolo, e phahamisa takatso ya thobalano (e bang sesosa e le ho tshwenyeha) e thusa hape le ka ditlamoeao tsa kgatello ya maikutlo etswilwng taolong, e le karolo ya lenaneno. ‘Kanna’ ha e etse o be le menahano e hlahlathelang.
\Bodulo ba yona ba tlhaho boloka metsi a mangata Karoo moo e ratang mobu riuleng motlakase mme e hola meriting wa dihlahla. Ho bonolo ho e kotula, e hola e kaba ka ho e kagola kapa ka peo ebile e ka holela ka pitseng. E ya phomola hlabula mme ha e ya lokela ho nosetswa. Semela se tshaba leqhwa. Ka lebaka la ho kotulwa haholo Sceletium ha se sa fumaneha ha bonolo tikolohong ya yona ya tlhaho. Semela se ka fumaneha mohlomong Nelspruit le Tzaneen empa semela se fumaneha ka tlhaho Namaqualand le Montagu (Kapa Bophirima) le Aberdeen (Kapa botjhabela).
Translated by Sebongile Sonopo