Red Milkwood

© JMK

Milkwood kgubedu e nale bokgoni bo boholo ba ho fana ka moruo le projeke ya diketla dibakeng tse o mme le tse seka tse o mmeng. Dithuto tsa ho fumana kgetho ya ditholwana tsa sefate bakeng sa lapeng le kgwebong e bontshitse ha milkwood e kgubedu e le thatohatsi (92.5%) dimeleng ha ho bapiswa le 64% ya bo rapolasi ba ka lemang semela sa poreima ya mabola. Balemi dibakeng tsohle ba ikutlwa hore ho ne ho hlokeka haholo malapeng le kgwebong hore sefate sa milkwood se se kgubedu “hobane sefate sena se le leqeme tlhahong ha ho bapiswa le maula”.

Tholwana ya milkwood e kgubedu e nale bokgoni ba ho phahamisa vitamin C ka bonyane, haholo jwalo ka ha tholwana e hlaha mahareng a selemo ha vitamin C phepelo ya yona e fokola mahaeng.

Tholwana e sebediswa e le poreima ya setso e bitswang “sesema” e nang le bophelo bo bo lelele e sebeletsang e le dijo tse hlabosang nakong ya mariha. Sefate se lengwa ha bonolo ho tswa peong mme e rata moo senang leqhwa dibakeng tse senang pula.

Ha sena metso e mabifi, ha e kenwe ke leqhwa mmoho le komello ebile ka lebaka la boteng ba lesika milkwood e kgubedu ha ena dikokwana tse ngata. Milkwood e kgubedu e loketse mobu o seretse le letsopa mme ho faola ho loketse bakeng sa tlhahiso ya ditholwana.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Sebongile Sonopo