Potata e Tshweu

© Louise Brodie

Patata ha e amane le tapole e tlwaelehileng. Patata e amahangwa le leloko la tse finyellang kganya hoseng mme e hlahisa metso e jehang. Tshimo e bapala karolo e bohlokwa haholo tsamaisong ya dijo dinaheng tse Aforika e ka Borwa, ho kenyeletsa le Aforika Borwa. Patata ke dijo tse bohlokwa e bile ke tshimo e fokotsang bofuma, e ka sebediswa ho lwantsha tshokolo e tletse tletseng ya vitamin A e lwantshanang le masole a mmele le mahlo a phetseng hantle.

Dipatata tse fapaneng tse lengwang di ka arolwa ka mefuta e mmedi
Tseo dijo tsa teng di ommeng ha di phehilwe.
Tseo dijo tsa teng di leng bonojana ha di phehilwe.
Poloko ya metso e ka fumanwa ka mebala e fapaneng. Letlalo le kaba lesweu, tshehla, pinki, mmala wa lamunu, perese kapa bofubedu bo sootho. Dijo tsa yona di ka fapana ho tloha mmaleng o mosweu le o mosehla hoya ho mmala o kganyang wa lamunu kapa o tebileng wa lamunu. Dijo tse mmala wa lamunu tse lengwang di ruile beta carotene le ho sebediswa e le motheo wa dijo lenaneong e le ho tobana le phephetso ya tshokolo ya vitamin A. Dipatata di ruile mohlodi wa matla empa e ntse e famana ka vitamin C le di minirale tse kang magnesium, copper, iron le zink dijong tsa batho. Makgasi a fana ka koketso ya di protein, di vitamin le di minerale.

Lebitso la Sebaka: Potata e Tshweu

Sesotho: Potata e tshweu
Setswana: Potata e tshweu
isiXhosa: lbhatata emhlophe
isiZulu: Ubhatata omhlope
Xitsonga: Nhlata yotshoka
Sepedi: Potata e tshweu
lsiNdebele: lbhutata elimhlophe
Tshivenda: Murambo mutshena
Swati: Bhatata Lomhlope

Mobu: Patata e hola hantle mobung wa lehlabathe, mobung o nonneng le wa letsopa. Tshimo e hloka ho nosetswa ka tsela e nepahetseng ha e rate metsi a emeng hara tshimo, metsi a ditshila le a nang le alkaline. E nale Ph e ntle ya 5.6 - 6.5. Majwe kapa letsopa ha di ya loka bakeng sa kgolo ya methapo.

Maemo A Lehodimo: Patata ke tshimo ya sehla se futhumetseng, ho bolelang matsatsi le masiu a futhumetseng a bohlokwa bakeng sa kgolo e ntle. Patata e tshaba maemo a tlase a lehodimo, haholo lehlwa. Patata e ka hola diprofinsing tsohle tsa Aforika Borwa tse fanang ka nosetso e tswang fatshe. Semela se tshaba komello ha metso e se qadile.

Balemi: Orange-fleshed: lmpilo and W-119 (dry); Beauregard (moist) Purple skin (fresh market): Blesbok, Bosbok (moist) Cream skin: Ndou, Monate (dry)

Ho Potoloha Ha Tshimo: Ho potoloha ha tshimo ho bohlokwa ho thibela mafu le dikokonyana tse senyang tse hahelang. Patata ha e ya lokela ho lengwa ho feta ha nngwe mobung o le mong dilemong tse tharo mobung o le mong. Ho phethwa ho nepahetse bakeng sa meroho le ditholwana tse kang pere, khabetjhe, dinawa le poone haholo tse nang le mathata a ho iqalla karolo e kantle.

Boikatiso: E ikatisa ka ho faolwa. Karolo ya kutu e disentimitara tse 20-30 e ya faolwa. Makgasi a ya tloswa lekaleng pele e lengwa, empa ha ho bohlokwa. Ho faolwa ka hodimo ho nepahetse ho feta ho e kgaola dikarolo tse ding tsa sefate. Ho faolwa ho lokisetswa ho tswa metsong. O lema metso ka ho e kwahela ka mobu. Ha e se ele disentimitara tse 25-30 ka bolele, di ya kgaolwa mme di sebediswa ho jalwa.

Faola disentimitara tse 20-30 bakeng sa ho phela, dikokonyana le mafu di keke tsa ba teng ha o faola ka thipa e hlwekileng. Lema tshimong ya hao ka kwahela ka mobu halofo ya bolele ba yona mobung o mongobo. Hatella mobu ho e potoloha ele hore mobu o kopane hantle le kutu, sena se etsa hore metso e hole ka pele. Nosetsa sejalo ha o qeta ho se lema. Ka nako tsohle kgaola letlobo semeleng se phetseng. Seke wa sebedisa difate tse itlhahetseng ka botsona honane di tlisa dikokonyana le disinyi.

Tokisetso Ya Mobu: Lokolla mobu ka ho feletseng ka ho lema ka o sebedise fereko, matsoho kapa kgarafu. Lokolla mobu ka bolele ba dimilimitara tse 250-300 bakeng sa kgolo ya metso, ho kenella le hoe ma metsi. Tlosa majwe le dikarolo tse thata tse robehileng ho etsa hore metso e kenelle. Hlahala e lokelwa ho tjhwatlwa ho sebediswa haraka kapa khalthiba ya letsoho ho fihlela bethe e boreledi e fumaneha. Kwahela tshimo bakeng sa dikgwedi tse 3-4 pele o e kwaholla.

Mokgwa Wa Ho Jala: 1. Etsa mela: Semela se hola meleng hodima dithaba. Mela e etsetswa ho bobebe ba tsamaiso le ho kotula. Tse kgaotsweng di bewa disentimitara tse 30 hole le mela ka karolo e ka fatshe ya mobu o lenngweng. Mekoti ya boholo bo nepahetseng e ya etswa, difate di kenngwa mokoting mme ho hatellwe mobu ka thata ho pota sefate. Difate di lengwa di shebile hodimo ka dipalesa tse 3-4 ka tlasa mobu. 2. Bethe e bataletseng: Bo ratemo ba bang ba lema patata betheng e bataletseng mobung oo.

Sekgala: Patata e nkuwa e le tshimo ho feta serapa sa lapeng. Ke hobane e le semathi mme e nka sebaka se seholo. Serapa sa lapeng se kaba mola kappa e mmedi e lekane. Ho kenywa kutu e faotsweng ka ho arohana hwa disentimitara tse 25-35 moleng. Ka kakaretso dithaba di bah o phahame ha mitara. Empa bakeng sa tshimo e kaba disentimitara tse 90-150 ho arohana bakeng tlhahiso kapa disentimitara tse 80-90 bakeng serapa sa lapeng, le ho phahama ha disentimitara tse 30-40.

Nako Ya Ho Jala: Dibaka tse nang le lehlwa le lekaneng : Qalong ya Pudungwana ho isa mahareng a Tshitwe. Dibakeng tse ho nang le lehlwa le lengata: Mahareng a Pudungwana ho isa qalong ya Tshitwe. Dibakeng tse senag lehlwa: Phato ho isa Tlhakubele. Dibakeng tse phodileng Lwetse ho isa Hlakola. Dibakeng tseo ho nang pula maria: Mahareng a Pudungwana ho isa qalong ya Tshitwe, Pudungwana e nale boikgethelo.

Manyolo: mehlala ya mobu e lokelwa ho nkuwa dikgwedi tse itseng pele ho jalwa bakeng sa ho lokisa mobu e babg o na le mathata. Manyolo a fapaneng a ka sebediswa hotswa mofuteng wa mobu. Ammonium sulphate e ka fokotsa pH ya mobu ha LAN yona e e phahamisa.

Kgothaletso Ka kakaretso: Patata ke dijo tse boima tsa nitrogene le potassium, ka hoo bongata ba N le K di tlameha ho dula di phahame. Bonyane 1000kg/ha ya motswako wa manyolo jwalo ka 2:3:4 e ka haswa ka ho otloloha pele e jalwa mme ho lokelwa ho sebetsanwa le mobu hanyane pele ho e tswa dithaba. Bakeng sa lehlabathe palo e ka eketswa hoy a ho 1200kg/ha. Tshela seapesa ka hodimo 120-150kg/ha LAN kapa 200kg/ha ya ammonium sulphate dibeke tse 3 ka mora ho jala mme ka dibeke tse 6 ka mora ho jala how a hlokeha. Lehalabathe le ka hloka bonyane diapesa tse 2. Nosetsa hantle ka mora ho tshela manyolo. Tlhahiso e ka sebediswa ho tlatsetsa karolo ya dikhmica tsa manyolo. Le ha hole jwalo, sehlahiswa se lokelwa ho hodiswa hantle (kgwedi tse 6), kapa e sebeletswe mobung nakwana pele ho jalwa. 15-20m3 e haswa le ho sebetsa mmoho pele e jalwa.

Nosetso: Patata lokiseditswe ho mamella komello. Ho bolele hore semela seka hlahisa khefutso ka tlasa maemo a komello. Empa ho sebe le metsi a lekaneng ho ka fokotsa kgefutso. Kgatello ya metsi nakong ya dibeke tse seng kae ka mora ho jala lr nako yah o mela metso ho ka baka kgefutso. Kakaretso ya tsamaiso, patata e hloka metsi a kabang dimilimitara tse 450-600 nakong ya kgolo.

Kotulo: Metso e ba malalaotswe bakeng sa ho kotulwa ka mora dikgwedi tse 4-5 e lenngwe. Mobu o lokela hoba bonolo nakong yah o kotula ho thibela ho kgaoha le ho senyeha ha letlalo. E time metsi matsatsi a a 30 pele ho kotulo e le tsela yah o hlokomela serapa. Dibakeng tse futhumetseng faola sefate matsatsi a 4-7 pele o kotula ho fodisa.

Sebedisa fero ya letsoho phahamisa metso e bolokuweng mme o ntshe ka letsoho. Seke wa sebedisa setsetolla ka kgarafu. E tsa bonnete ba hore ha o utlwisi metso bohloko nakong ya kotulo. Metso e bolokuweng e ka kotulwa ha nngwe kapa ho ya ka taelo. E bang sehla se le selele motso o ba moholo haholo. Sedila mobu ha nngwe hdima patata, e tlohele letstsing ho omella bakeng sa hora kapa tse pedi ha maemo a lehodimo a le hodimo. Ka 32°C ko kotulo metso ho ka etsa tshenyo ke letsatsi metsotsong e ka tlase ho 30. Ha e siiwe rerapeng bosiu maemon g a lehodimo a 5°C. Hlabathe mme o etsa ditlamorao tse ntle haholo (15°C).

Poloko: Patata e ka bolokwa e le foreshe bakeng sa dibeke tse 3-6 ka mora hore e kotulwe. Metso e senyehileng ha e bolokwe.
Patata e ka tlohelwa ka tlasa mobu ho fihlela ka nako eo e hlokang. Ho molemo ho eketsa nako ya kotulo ka dibeke tse pedi nakong ya sehla sa ho jala.
Hopola o seke wa nosetsa ka nako ya poloko. Dibakeng tseo ho batang maemo a lehidimo a fatshe a ka senya metso e bolukuweng mobung. Haeba maemo a lehodimo e le a ratehang, patata e kaba kgolo haholo.
Poloko e tlase e ka etswa sekoting sa tebang ka hara mobu. E be ho bewa lera la jwang bo ommeng ka hara mokoti oo. Ho bewa patata e phetseng hantle hodima lera ka ho teba ha disentimitara tse 40-50. E kwahelwa ka jwang le mobu o ommeng. E kwale ka marulelo a jwang. Patata e ka bolokwa ho fihlela kgweding tse nne. Mokgwa ona ha o sebediswe mariha dibakeng tseo ho nang pula.

Tsebediso: Patata e ka sebediswa ka ditsela tse fapaneng:
Metso e bolukuweng e ka jewa e le tala, e bedesitswe, e bakuwe kapa e pheuwe.
Makgasi a manyane a ka kgojwa jwalo ka meroho.
Tshimo e ka sebediswa jalo ka phepo ya ka mehla.
Metso e bolukuweng e ka sebediswa jwalo ka borotho, dihlahiswa tsa ho baka, ditships, jeme le lero.

Disinyi Le Mafu

Disinyi

Patata ya kgalabolokwe: Dikgalabolokwe tse kgolo di ja makgasi. Seboko se bolukuweng le kutu.
Taolo: Ho potoloha ha tshimo ho bohlokwa bakeng sa ho fokotsa di kgalabolokwe.
Ho etsa mela methapong ho ka thusa ho fokotsa di kokonyana tse senyang tse hahelang.
Ho tjheswa sejalo se nang le dikokonyana kamora ho kotulwa
Ha ho wa lokelwa ho lengwa dikutu tse kgaotsweng mobung o neng o lemme patata.
Tlosa metso yohle e bolukuweng ha ho kotulwa, mme o seke wa sebedisa dikutu tse itlhahetseng.
Fokotsa mobu o robehileng.
Phahamisa nako ya ho lema hore metso e seke ya ba teng nakong ya sehla se ommeng.
Nako ya ho kotula ka poloko sehleng se ommeng e phahamisa maemo a tshenyeho.

Phakwe e jang dirurubele
Serurubele se setala bo botala se seholo se nang le manakanyana a manyane hlohong ka morao mmeleng. Di ja makgasi bosiu.
Taolo:
Ho nkuwa ha diboko ho teng ha feela ho e hongata.

Mafu a Tshimong

Furasium wilt
E etswa ke Furisium oxysporum, lefu lena le ka baka tahlehelo e kgolo. Ha o faola kutu e amehileng semeleng, ho fetoha ha mmala o mokgubedu bo sootho ya dikarolwanatse tsamisang metsi di ka bonahala. Makgasi a ba masehla, a be matsho mme a shwe. Semela se amehehileng se ama le mobu.
Taolo:
Semela se kgona ho mamella fapafapano.
Sebedisa semela se senang mahloko.
Potolohisa tshimo ho sena dikokonyana tse ahelang.
Fokotsa ka matla ka moo o ka kgonang kgatello e kang kgahello ya metsi le maemo a phahameng a lehodimo nakong ya sehla sa kgolo.

Dikokwana hloko tse nyane
Alteneria Leaf Spot, Ho bola ho bonolo, Sclerotium Wilt, Sculf le food rot.
Taolo: Fusarium Wilt.

Poloko Ya Kokwana Hloko
Nakong ya poloko, ho bola ho bonolo, hwa lefatshe le ho omeletseng ho ka etsahala.
Taolo:
Ha ho kotulwe ha mobu o le mongobo.
Seke wa utlwisa metso bohloko ha ho kotulwa. Hlatswa mobu mme o hlokomele metso.
Seke wa boloka patata e senyehileng seo se hlalosa matshwao a mahloko.
Alafa patata pele o e boloka.

Bongata Ba Dikokwana
Hloko Kokwanahloko e boya ya patata ke kokwanahloko e thswaetsang patata haholo. Ka nako e nngwe e fumaneha dikokwanahlokong tse ding tse fapaneng. Le ha matshwao a bonahala a tshwana makgasing a mang, kgefutso e etsahala kgafetsa mme e petsola metso. Ha e le teng, e bonahala makgasing a seng tsofetse, e bontsha matheba a chlorotic le methapo e menyane e bonahalang. Ha ngata semela se tshwaetsehileng ha se hole ebile se senyane.
Tshwaetso:
SPFMV e tshwaetsa ka mofuta wa aphids e nkang kokwanahloko hotswa semeleng nako e ka tlase ho motsostso ho isa semeleng se phetseng hantle.
Taolo:
Lema semela se senang kokwanahloko, fumana se faotsweng ho tswa sefateng se ngodisitsweng ho tswa ho ARC-VOPI.
Laola lehola tshimong le ka thoko, haholo mofuta wa wild Ipomoea.
Sebedisi dishebi tsa bakeng sa ho sheba.
Tlosa difate tse itlhetseng feela, malwanlwahla le lehola ho tswa sehleng se fitileng sa hojala.
Ntjhafatsa disebediswa tsa ho lema dilemong tse 2-3.
Hlwekisa disediswa tse faolang ka motswako o matla wa Jik.

Taolo Ya Tshimo

Lehola le bohlokwa kgweding ya pele ka mora ho jala lehola le etswa pakeng tsa dijalo ho sebedisa mohoma kapa o hule ka letsoho. Hlokomela hore o seke wa lematsa sefate. Lehola le keke la hlokeha ka nako eo makgasi a seng a thetsa fatshe. Patata e ka lengwa jwalo ka tshimo e le nngwe ka e kopa e kopane le koro, poone, cassavale tse ding.

Translated by Sebongile Sonopo