Pinot Gris and Pinot Blanc

Tlhahiso

Pinot gris le Pinot blanc ke mmala wa diphatsa tsa lefutso tse fetohang hoba kantle ho Pinot noir. Phapang e kgolo pakeng tsa mefuta ena ke hore menokotshwai ya Pinot noir e letlalo le letsho, ha Pinot blanc letlalo le lesweu mme Pinot gris menokotshwai e le bolou bo buputswa kapa bosotho bo pinki, ka dinako tse ding di ba lekaleng le le leng. Ka bobedi Pinot gris le Pinot blanc di sebediswa ho hlahisa veini e tshweu e phatsimang.

Tlhaho

Pinot gris le Pinot blanc di nale metso ya tsona Burgundy France, moo ka bobedi di hlahisitsweng teng nakwana.

Mabitso a Mang

Mabitso a tsebahalang bakeng sa Pinot gris ke Pinot Grigio Italy, Petit Gris France, Szukerbarat Hungary le Grauburgunder kapa Rulander Germany. Pinot Grigio e ne e sebediswa ho hlalosa kganya, bobebe ba honwa veini, ho theosetsa dijo, ha Pinot gris yona sebediswa ba keng sa di veini tsa mmele o tletseng mme e nale kgoneho e ntle ya kgolo.
Pinot blanc e tsebahala ka Clevner kapa Klevner France, Weisburgunder kapa Weisser Burgunder Germany, Pinot bianco Italy le Beli Pinot Slovania.

Tlhahiso Aforika Borwa

Pinot gris ke sefate sa pele Aforika Borwa se tlisitsweng hotswa Germany, moo se ileng sa hlahiswa disentjhuring tsa bo 14. Se ile sa ntshuwa bakeng sa theko ya tlhahiso ka 1977 mme ya sebediswa ho tswaka veini le ho etsa veini e phatsimang. L’Ormarins e hlahisitse mofuta wa pele Aforika Borwa wa Pinot gris ka bo dilemo tsabo 1980, ile ya rekiswa e le Pinot Grigio ka tlasa Terra del Capo label.
Dikgatiso tsa pele Aforika Borwa tsa Pinot blanc ha di tsamaelane tletlebo e tlisitswe ka 1967 mme e ile ya ntshuwa sehlekehlekeng bakeng sa hlahlobo ka 1971, direkoto tse ding hlalosa hore e ile ya fumaneha bakeng sa tlhahiso ya theko ka bo 1990.

Sebaka sa Tlhahiso

Bobedi mefuta di hlahaha ka tlasa maemo a futhumetseng a lehodimo. Ke feela tlhahiso e ka tlase ho 350ha Pinot gris e ntse ele nyane Aforika Borwa. Le ha hole jwale e tumme haholo mme e ne ele sebela sa bo leshome ka ho jalwa haholo sa sa mofuta wa morara o mosweu ka 2016. Mofuta ona o ne jalwa dibakeng tsohle tsa tlhahiso Aforika Borwa, ntle le little Karoo le Kapa leboya.
Worcester, Bredekloof, Stellenbosch, Robertson le Swartland ke dibaka tse hlahisang sefateng sena. Tlhahiso ya Pinot blanc ha eka ya fela Aforika Borwa, e ne ena le bonyane 10ha tse tylalehilweng ka tlasa mofuta ona. Bongata bo fetang halefo ba sefate sena bo tlalehilwe bo fumaneha Paarl.

Kgolo

Ka bobedi Pinot gris le Pinot blanc di lekantsheditswe kgolo, ka bokgoni ba tlhahiso e dipakeng tsa 9-12ha.

Ho Butswa

Merara e butswa qalong ya bohare ba sehla, Pinot gris ho tlowa karolong ya pele ya Hlakola mme Pinot blanc e le karolong ya bobedi.

Menokotshwai

Menokotshwai ya Pinot noir, Pinot gris le Pinot blanc e batlile e tshwana ka boholo le sebopeho, e menyane e motoponyana. Pinot noir menokotshwai e metsho, Pinot blanc letlalo le lesweu le Pinot gris e letlalo le tala bo kganyang bo fetohang ho ba putswa ba bolou kapa sootho bo pinki, ka dinako tse ding ka mmala o fapaneng wa menokotshwai e bang lekaleng le le leng.
Letlalo la bobedi bona le lesesane le matla, nama e bonolo, tswekere le lero.

Makgasi

Pinot noir, Pinot gris le Pinot blanc Makgasi a yona a ya tshwana, ka mmala o motala bo lefifi, ka boholo bo itekanetseng, e kgidikwe le marete a mararo.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Mefuta e mmedi ena e ratwa ke hlobo le ho bola. Dinonyana di e senya haholo ka lebaka la hore mofuta ona o butswa qalong ya sehla.

Tshebediso

Di veine tse ngata Aforika Borwa di lekuwe ka Pinot blanc e le mofuta o ikemetseng, empa e sebedisesetswa ho tswaka. Pinot gris e sebedisetswa mofuta o ikemetseng le ho tswaka balekane ka mefuta ya yona.

Tatso

Pinot blanc ke veine e tshehla ho isa botaleng bo kganyang, ka e sete ya botoro e nkgang monate le tatso. Veine ya Pinot gris di ya fapana ho tlowa ho taemane e phatsimang ho ya ho kgauta ka mmala, ho tswa ka mokgwa a veine, ka tatso e hlahelletseng ya perekisi le Poreima.

Translated by Sebongile Sonopo