Motlepelo

© Alice Notten of Kirstenbosch

Sehlaha sena se senyane ka mahlaku a boputswa le dipalesa tse tshweu se bitswa Eriocephalus Africanus ebile ke sa lelapa la Asteraceae Se rehilwe ka masosuwa a boya a nang le dipeo, motlepelo o tsejwa ka lebitso lena kapokbos ka Afrikanse Aforika Borwa ho na le mefuta e 34 ya Eriocephalus, yohle e na le ditholwana tsena tse boya. Eriocephalus Africanus (motlepelo) o se ferekanywe le Eriocephalus punctulatus kapa marokotswana.

Ditsebediso tse tlwaelehileng hobakgothui le bajaki ba pele ba Kapa ebile ho phekola mahloko a mala ebile le ho thabisa batho mme le ho kgathollisa. Ho ne ho nahangwa hore e thusa ka ho hodisa moriri, fedisa bokgoba ebile le fedisa maikutlo a mabe. Jwalo ka rosemary, motlepelo o a matlafatsa ebile ho thusa ho lwantsha tshitabelo, hape o phekola kgatello ya maikutlo,ngongoreho le kgalefo. Oli e phekola kgonyelo (mesifeng, phefumulong, tshilong) ebile ke thusa ho emisa madi ha a tswa. Ke selwantshadikokwanahloko ebile e sireletsa mmele tshwaetsong. E sebediswa ho hlohlora mahloko mmeleng, ho phekola lekgohlo, sefuba ebile e kokobetsa hlooho e opang. Ka ho setla mahlaku, sejalo sena se ntsha monko o ratehang wa khamfore.

O hola haholoholo naeng ya Namaqwa, Kapa Botjhabela le Bophirima Mahlaku. A boputshwa a teng a thusa ka ho hadimola mahlasedi a lestatsi, ho theosa motjheso wa lehlaku le moyafalo. Hona ke tsela e nngwe eo sejalo sena se ithusa ho boloka metsi ha se hola dibakeng tse ommeng. Eriocephalus e hola hantle letsatsi le mobung o metsi.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Seipati Mohapi