Monontsha ke motheo wa temo ya kwaeyalekgwaba. Sebopeho le boleng ba monontsha ho tla ama tjhai ya semela sa kwaeyalekgwaba. Ho hlokolosi hore boleng ba monontsha bo dule bo tshwana, le ha ho le jwalo, ho hlahisa monontsha o tshwanang wa boleng bo hodimo ke phephetso e kgolo mme ho hloka bokgoni bo boholo.
Afrika Borwa, dihwai tsa kwaeyalekgwaba di itlhahisetsa monontsha ka botsona. Yuropa le dinaheng tse ding, dibaka tse kgolo tse ikgethang di etsa monontsha bakeng sa dihwai tsa kgwebo tsa kwaeyalekgwaba.
Monontsha wa boleng bo hodimo ke motheo wa kgolo ya kwaeyalekgwaba mme o lokela ho ba le disebediswa tse nepahetseng o be o tshwarwe hantle ho tloha qalong. Ho na le mekgwa e mengata bakeng sa monontsha le nako ya tshebetso ho itshetlehilwe ka sebaka se teng polasing e nngwe le e nngwe. Mohlala ke ona:
Afrika Borwa, monontsha bakeng sa kwaeyalekgwaba o etswa ka dithutswana tsa koro, mantle a dikgoho le metsi. Gypsum e a kenngwa le yona ho ntlafatsa sebopeho, ho lokisa pH le ho thusa ka ho kena ha ammonia kahara monontsha.
Mokgwa o tlwaelehileng ke 1 000 kg dithutswana (mongobo wa 15%), 800 kg ya mantle a kgoho tse saleng nyane (mongobo 40%, nitrogen 4%) le 85 kg gypsum.
Disiu tsa dithutswana tsa koro di dula di kolobile matsatsi a mahlano ho ya ho a tsheletseng, ebe di a qhalakanngwa le ho tswakwa le monontsha o mong. Kamora ho hlophiswa ka mela le ho kenyetswa moya matsatsi a mmalwa, monontsha o setseng o a kenyeletswa.
Tshebetso ya ho etsa monontsha e kenyeletsa tshebetso ya ho tswaka disebediswa, ho kenyetsa moya le ho o nosetsa hore tshebetso e qale. (Mokgwa wa ho kenyetsa moya ke ho thibela menko e mebe). Ha mmela o ntse o puta, themphereitjhara e qala ho eketseha mme e fihle ho 70˚C.
Kamora nako e ka etsang dibeke tse tharo, monontsha o a hlwekiswa, nitrogen e a fetolwa ho ba protheini e sebetsang e le mohlodi wa dijo bakeng sa peo ya kwaeyalekgwaba hore e hole.
Ha monontsha wa kwaeyalekgwaba o se o lokile, o behwa polokelong kapa o tshelwe kahara mekotlana pele o entwa ka madinyane a kwaeyalekgwaba.
Kamora kotulo, phaposi ya kgodiso e hlwekiswa ka phofudi mme monontsha o sebeditseng o a tloswa polasing. Monontsha wa kwaeyalekgwaba o sebeditseng o ratwa haholo bakeng sa diratswana empa ho kgothaletswa hore o nontshwe le ho feta e le ho tsitsisa monontsha. Monontsha wa kwaeyalekgwaba o ka kenya dihlahiswa tsa tlhaho mobung e le ho eketsa bokgoni ba ho tshwarella metsi le ho fana ka seo dikokwanyana tse mobung di ka se jang.
Sena se tla lokolla dimatlafatsi tse kwalletsweng monontsheng.
Translated by Maletsatsi Sejake