Mmoane o Sebedisetswa Eng?

©Marinda Louw

Semela sa boholoholo se sebedisitsweng ka diketekete tsa dilemo pele se kotelwa thoko ke tswelopele ya sejwalejwale ya Bophirima dilemong tsa 1930, dikgwele tsa semela sa mmoane le oli e bile karolo ya bohlokwa ntshetsopeleng ya batho. Masela a entsweng ka dikgwele tsa mmoane a sebedisitswe ho etsa diaparo tsa masole, masela a sesisang dikepe le dithapo bakeng sa dikepe tsa bafuputsi ba pele ba lewatle, di-flaga le dibuka dibakeng tse neng di sa tswa thehwa hammoho le diaparo tsa basebetsi ba merafong ba pele. 

Oli ya mmoane e phepo e ntle e sebediswa dijong, tlhokomelong ya letlalo le ditlolong, mme oli ya mmoane e nang le CBD e sebediswa ka mekgwa e mengata merianeng. Mmoane o jalwa hape ho monya tjhefu mobung, e le karolo ya mekgwa ya phapanyetsano ya dimela ho ntlafatsa bophelo ba semela le ho hlahisa mafura kapa tsona dibeso tsa tlhaho. 

Tshebediso e kgolo ka ho fetisisa ya mmoane ke bakeng sa oli ya CBD ya mmoane (23%), e be dihlahiswa tsa ho hlokomela mmele (22%) e hlahlangwe ke tshebediso difemeng (18%).

Mmoane e Le Lesela

Dikgwele tse telele, tse matla ebile di le ka mahlakoreng tsa thupa ya mmoane di sebedisetswa ho etsa masela.

Jwalokaha ho bonahatswa ke Mokgatlo wa Naha wa mmoane wa dinaheng tse kopaneng tsa Amerika (USA National Hemp Association), semela sa mmoane se na le dikgwele tse matla le ho ba telele ka ho fetisisa dimeleng tse lefatsheng mme o ne o sebediswe kgale pele nylon e sireletswa ka mangolo a molao ka 1937. Mmoane ha o angwe ke ho bola le ho tsofala. O ne eo sebediswa bakeng sa ho tlama dikepeng, diaparo tsa sesole, marapo a tlamang pharashuti, morwalo le dithapo. 

Marikgwe a pele a moetso wa ‘jean’ a Levi a ne a entswe ka lesela la seili la mmoane bakeng sa basebetsi ba morafo wa kgauta California. Dilemong tsa ntwa ya bobedi ya lefatshe, sesole sa dinaha tse kopaneng tsa Amerika se ile sa kgothaletsa dihwai tsa Amerika ho lema mmoane bakeng sa tlhahiso ya thapo le masela tse neng di sa kgone ho amohelwa kahara naha ka lebaka la ntwa. Hamorao ha ntwa e fela, mangolo a tumello ya ho lema mmoane a ile a hlakolwa kaofela. 

Lesela la mmoane le matla a menahaneng hararo ho feta k’hothone mme le ka tswakwa le silk le k’hothone ho hlahisa masela a dibopeho tse fapaneng.

Pampiri Ya Mmoane

Pampiri ya mmoane ha e sehlefale ha e tsofala, e matla ho feta pampiri e entsweng ka patsi mme e kgona ho mamella ho menwa ka makgetlo. Ho tlatseletsa moo, ho sebedisa mmoane ho etsa pampiri ho tsitsitse ho feta dikgwele tsa patsi hobane e hola ka botlalo dikgweding tse nne. E leng ho potlaka ho feta difate.

Mmoane Makoloing

Ka 1941, Henry Ford, e leng mothehi wa k’hamphani ya makoloi Ford Motor Company, o ile a tea koloi e neng e fuwa matla ke mafura a mmoane le mafura a neng a thehilwe dimeleng, hammoho le bampara e neng e entswe ka mmoane le dihlahiswa tse ding. Ka 2019, mohlahisi wa makoloi wa Porsche o ile a ntsha koloi ya 718 Cayman GT4 Clubsport ka mmele wa yona o entsweng dikgwele tsa mmoane le plastiki. Mmoane o ile ya nkela dikgwele tsa mosidi sebaka ho matlafatsa boreku ba plastiki.

Mmoane Bakeng Sa Bophelo

Tshebediso ya oli ya CBD ya mmoane tabeng tsa bongaka ke ka lebaka la di-antioxidant, esiti e mafura e polyunsaturated le boreku bo teng oling e tlhotlilweng dipaleseng, mahlakung le dikutung. Boreku bo bong bo ka sehloohong, CBD bo sebediswa ho fokotsa ho ruruha, ho fedisa mahlaba le ho fokotsa ho nyekelwa ke pelo. Oli ya mmoane e tlhotlilweng ka mokgwa o batang peong e na le esiti e mafura e poly-unsaturated mme e sebediswa e le oli ya salate le ditlolong.

Dijo Tsa Mmoane

©Marinda Louw

Peo ya mmoane e sebediswa ka bobedi dijong tsa diphoofolo le batho. E tlhotlwa ho hlahisa oli ya salate. Phofshwana ya peo ya mmoane (e entsweng ka makumane a peo ya oli kamora ho tlhotlwa) ke flouru e ruileng ka protheini e sebedisetswang dihlahiswa tse bakuweng, mekedikedi ya dijo e nowang le dijo tsa nakwana.

Mmoane Indastering Ya Ho Aha

©Marinda Louw

Kahara thupa ya mmoane ho na le karolo e tenya, e kang tjhoko e bitswang hurd. Karolo ena e teteaneng e sebediswa indastering ya ho aha. Ha e kgabetswe dikoto, hurd ya mmoane e tswakwa le sehlahiswa se kgomaretsang. Motswako ona o sebediswa ho etsa ditene le masenke - o sebediswa e le thepa ya ho aha e thibelang mofuthu ho baleha. 

Oli ya mmoane wa indasteri ke oli e bobebe e loketseng ho tshaswa thepeng ya patsi. E ka boetse ya sebediswa penteng, ho tshela metjhining le enkeng. Sephetho sa diteko tsa sehlahiswa se bontshitse ha oli ya mmoane e sebetsa hantle ho feta dihlahiswa tsa maiketsetso le tse thehilweng ho petroleum tsa polymer mme entse e na le metswako e nang le maemo a tlase a kotsi le ho tjha.

Dihlahiswa Tsa Mmoane Afrika Borwa

Dihlahiswa tsa mmoane Afrika Borwa di rekilwe kantle ho naha. Masela a etswa China. Dihlahiswa tsa CBD di rekwa naheng ya USA. Peo e phepo e ntle e tswa Germany. Oli e phepo e ntle ya mmoane e tswa Canada, ha thepa e ahang ya mmoane e tswa United Kingdom.

Translated by Maletsatsi Sejake