Mmoane e Le Dikgwele Tsa Masela

© Babertorte

Mmoane (Cannabis sativa) ke mofuta wa cannabis o nang le THC e tlase mme ha e bake ‘ho taya’ ho amanang le ngwanabo yona, matekwane a amang kelello.

Dikgwele tse telele tsa karolo e kantle ya mmoane o holang ka potlako haesale di sebediswa ho etsa masela a matla jwaloka marikgwe a jean, dieta, dithapo le masela a sesisang dikepe. Ha e le hantle, dihlahiswa tse entsweng ka mmoane di sibollotswe mabitleng a nakong tsa 8 000 pele ho Kreste mme mofuputsi Christopher Columbus o ne a sebedisa dithapo tsa mmoane dikepeng tsa hae tse hoketsweng masela a sesisang dikepe a mmoane.

Mmoane Le K’hothone

Mmoane o ka sebediswa habonolo ho na le k’hothone ho etsa diaparo. Ho se tshwane le indastering ya k’hothone, e sebedisang 50% ya dibolaya-dikokwanyana tse sebediswang lefatsheng, mmoane ha o hloke dibolaya-dikokwanyana ho ka lengwa. Ho tlatseletsa moo, dikgwele tsa mmoane di matla, di teletsana mme di monya haholo ho feta k’hothone. Hape mmoane ha o angwe ke hlobo e tshweu, o na le makgabane a matle a ho futhumatsa mme ha o fele jwaloka k’hothone.

Ho Sebetswa Ha Mmoane Ho Etsa Lesela

Mmoane o jallwang dikgwele tsa oona ho etsa masela o hloka ho kotulwa ka nako ya ho thunya ha dipalesa pele peo e ba teng. Sena se ka etswa matsatsi a 70-90 kamora ho jalwa ha peo. Ho kotulwa ha mmoane ho etswa ka motjhini wa sejwalejwale o kotulang. 

Mohato wa pele wa ho sebetswa ha mmoane ke ho inela (retting). Ho inela, ke ha dithupa tsa mmoane di inelwa metsing. ‘Retting’ (kapa ho bola) ke ha baktheria le mokola di roba mahokedi a pectin a kopantseng dikgwele tsa mmoane. ‘Retting’ e ka etswa ka tsela tse tharo. Dithupa tsa mmoane di ka siuwa masimong nako ya dibeke tse pakeng tsa tse nne le tse tsheletseng, tsa inelwa metsing matsatsi a ka bang a 10 kapa tsa sebetswa ka di-enzyme. Ha tshebetso ya ‘retting’ e qetuwe, dithupa di tla ba tshweu ka dikgwele tse telele tse arohanang habonolo le lehong la patsi. 

Mohato o hlahlamang, dithupa tsa mmoane di a bokeletswa mme di romelwe motjhining o tlosang makgapetla. Mohatong ona, dithupa di a rojwa mme lehong la patsi le arohanngwe le dikgwele tse telele tsa mmoane. 

Dikgwele tse telele di kenngwa sehatising hang ha dikgwele di nolofetse pele di sehwa ho tloha ho 3m ho ba bokgutshwanyane bo ka bang 650 mm. Dikotwana tse kgutshwane di a kangwa, di etswe boreledi mme tse ka bang teng tse kgutshwane, tse rarahaneng kapa makumane a patsi, di a tloswa. Dikgwele tse kgutshwanyane di bitswa ‘tow’ mme tse telele di bitswa ‘line fibre’. 

Dikgwele tsa mmoane di hlophiswa ka mola bakeng sa ho lohwa, di le metsi kapa di omme. Ho loha ho metsi ho na le tlhahiso e ntle ya kgwele hobane ho nolofatsa pectin e le ho dumella karohano e ntle ya dikgwele le ho hlahisa kgwele e ntle ya mmoane.

Melemo Ya Kgwele Ya Mmoane

©Marinda Louw

Mmoane o boemo bo hodimo ho feta dimela tse ding tsa masela (jwaloka k’hothone kapa flax), ka bobedi ka metjha ya ho hola le tshebediso. Melemo ya ho jala mmoane e kenyeletsa hore ho hlokwa metsi a manyane ho hodisa mmoane ho na le k’hothone. Hape mmoane o hloka dibolaya-dikokwanyana tse mmalwa hobane o kgona ho thibela ho hlaselwa ke dikokwanyana le mafu, ha tjhai ya mmoane wa dikgwele (ka hektara) e le hodimo ho feta ya flax le k’hothone. 

Ho ya ka boleng ba kgwele, mmoane ke e nngwe ya dikgwele tse matla tsa tlhaho, e thibelang mofuthu kapa modumo ho tswella, e kenela moya ha bobebe, e kgona ho thibela tlhaselo ya yona ke mokola le mongobo mme ha e tabohe habonolo. 

Bonolo ba lesela la mmoane bo eketsa makgetlo a ho aparwa mme mmala ha o thothofale kapele jwaloka k’hothone. 

Mabapi le mmoane e le lesela la thepa ya ka lapeng, e na le makgabane a matle a ho thibela mahlasedi a letsatsi a kotsi a UV (e loketse disupa le dikgaretene) mme ha e sarolohe hakaalo ebile dihlahiswa tse apesitsweng ka lesela di dula di le sebopehong sa tsona.

Translated by Maletsatsi Sejake