Mefuta ya Kwaeyalekgwaba

©Louise Brodie

Ho na le makgolokgolo a mefuta ya kwaeyalekgwaba e lenngweng (ho feta mefuta e 50) e fumanehang matjhabeng empa tlhahiso ya kwaeyalekgwaba ya Afrika Borwa e shebane le mefuta e mmalwa ho fepela bareki ba tlwaelehileng. Mofuta o hlahiswang haholo ke kwaeyalekgwaba ya shiitake, e bopang tlhahiso e fetang 20% ya lefatshe, haholo China. 

Afrika Borwa, boholo (e ka bang 90%) ba tlhahiso e lenngweng bo na le konopo e tshweu, konopo e sootho (cremini) le kwaeyalekgwaba e sootho (portobello kapa portabello), kaofela tse welang sehlopheng sa Agaricus. Mmaraka wa kgwebo ya kwaeyalekgwaba o etsang 8 - 10% o na le kwaeyalekgwaba e maemo a hodimo, ho kenyeletswa kwaeyalekgwaba ya oyster (Pleurotus spp), shimeji le shiitake (Lentinula spp). 

Ka thuto ya dimela, kwaeyalekgwaba ya portobello kapa portabello le crimini (e boetseng e bitswa also portabellini) ke kwaeyalekgwaba e tshwanang. Kwaeyalekgwaba e kgolo ebile e le sootho e rekiswang e le portobello, e kgolo ka masobana a ho hema a bulehileng. Ena ke kwaeyalekgwaba ya crimini e butswitseng. Masobana a ho hema a crimini e sebopeho sa konopo/portabellini e kwahetswe ka ‘letlalo la kwaeyalekgwaba’ kapa lesira.  Sena ke sesupo sa ho hola; ha ho na lesira masobaneng - kwaeyalekgwaba e tsofetseng. Botjha, le ha ho le jwalo, bo suptjwa ke ho ba thata. Mefuteng ya Agaricus dikutu tse telele le sebopeho se bothotsehang ho bolela hore kwaeyalekgwaba ha e sa le ntjha.

Kwaeyalekgwaba e Boemo bo Hodimo

Tlhahiso ya kgwebo ya kwaeyalekgwaba e boemo bo hodimo Afrika Borwa e sa ntse e le nyane (2019) empa tlhokeho ya shiitake le oyster e kgolo di hlohleletsa keketseho ya tlhahiso. Tatso ya boemo bo hodimo le melemo ya bophelo ya kwaeyalekgwaba e boemo bo hodimo kapa ‘gourmet’ di hlohleletsa diphehi ho e kenyeletsa haholo dijong tsa bona mme ba fepele ka yona ho e na le nama ho bareki ba sa jeng nama. 

Feme e kgolo e lemang kwaeyalekgwaba, Free E, e butswe Sasolburg Mpumalanga ka 2017, e ikgethang ka tlhahiso ya king oyster, shiitake hammoho le kwaeyalekgwaba ya shimeji e tshweu le e sootho. Bongata ba tlhahiso bo roriswa ha bo le ho ditone tse 3 - 5 ka letsatsi.

Kwaeyalekgwaba e Hlaha

©Andreas Kunze

Barati ba kwaeyalekgwaba ba boetse ba kga kwaeyalekgwaba e hlaha eo hangata e rekiswang mebarakeng e menyane ya dihwai. Setsibi sa Cape Town sa hlobo, Gary Goldman, o boletse ha mefuta e ratwang haholo ya kwaeyalekgwaba e jowang e kenyeletsa bay le poplar boletus, porcini le wood Blewitt.

Kwaeyalekgwaba e le Setlhare

©Marinda Louw

Sehlooho sa kwaeyalekgwaba e le setlhare ke se batsi mme se ka kenyeletsa tshebediso ya kwaeyalekgwaba e sa joweng bakeng sa mesebetsi ya semoya le ya setso. Ka tlase ho hlaloswa mefuta e mmalwa ya kwaeyalekgwaba le melemo ya teng bakeng sa mafu. 

Kwaeyalekgwaba haesale e sebediswa ka dilemo tse balwang ka makgolo merianeng ya boholoholo mme le ka bohahlaudi bo eketsehileng, ho pepesitse bahahlaudi ba Bophirima tatsong le melemong ya mefuta ya kwaeyalekgwaba ya setso ya Botjhabela.

Mofuta o le mong o jwalo ke (Hericium erinaceus) o boetseng o tsejwa ka la yamabushitake kapa satyr’s beard. Lion’s mane ke kwaeyalekgwaba e tummeng haholo ka ho jowa le ho ba moriana e ntseng e etswa dipatlisiso le ho phahamiswa ka lebaka la sehlahiswa se hodisang methapokutlo - erinacine - hammoho le erinacine A. Ka bobedi dihlahiswa tsena di ka diehisa kgolo ya mafu a fokodisang tshebetso ya ditho tsa mmele a methapokutlo a kang Parkinson’s le Alzheimer’s le ho sireletsa mmele kgahlano le ho shwa lehlakore le kgatello ya maikutlo e tebileng. 

Melemo e meng ya bophelo eo kwaeyalekgwaba e roriswang ka yona e kenyeletsa tshireletso kgahlano le, hammoho le phekolong ya mofetshe wa matswele ka ho matlafatsa tshireletso ya mmele (kwaeyalekgwaba ya turkey tail). Kwaeyalekgwaba ya oyster e ka theola mafura a mading (cholesterol) mme kwaeyalekgwaba ya reishi e thusa ho laola boemo ba tswekere e mading hammoho le taolo ya masole a mmele. Kwaeyalekgwaba ya shiitake e kgabane haholo ho ba sejo se phekolang ho ruruha. Hape, lentinan e teng ho shiitake e thusa ho fodisa tshenyo e ho di-chromosome e bakuweng ke pheko ya mofetshe.

Ela hloko:
Lesedi lena ke bakeng sa thuto le tlhahiso-leseding feela mme le ke ke le nkwa e le keletso ya bongaka kapa ya phepo. Lesedi lena ha le etsetswa ho kena dieteng tsa keletso ya bongaka kapa pheko e tswang ho basebetsi ba tsa bongaka.

Translated by Maletsatsi Sejake