Manyolo a nonneng a robehileng hantle ke mohlodi o motle wa mobu. E eketsa ntho ya manyolo e le mafura bakeng sa dikokwana-hloko tsa mobu, dimatlafatsi bakeng sa semela mobung mme e ntlafatsa mobu wa lefatshe - boemo ba mmele ba mobu jwalo ka peo ya ho lema.
Manyolo a hantle a na le sebopeho se sootho se lefifi moo ho se nang le disebediswa tse tala (mohlala, patsi). Ebe ntho tse bonahalang
E tla nkga jwaloka mobu kapa 'meru fatshe' mme e ke ke ya ba le ammonia kapa monko o bodileng. E lokela ho ba le pH ya 7 - 8 le mongobo wa bonyane 30%; ditsebi tse ding di bile di fana ka maikutlo a 40 - 50%.
Manyolo a thusa mobu ho thehadlintho tse kopaneng. Metswako ka makgapetla a mobu o nang le dikarolo tsa mobu, ntho ya manyolo le dikarolo tsa manyolo le diminerale. Dintho tsena tsa mobu di na le di pores moo dimolekgule tsa moya le tsa metsi di bolokilweng teng ebe dimatlafatsi di fetolwa.
Manyolo a ka thusa ho roba mobu wa letsopa, ho phahamisa moya wa mobu le ho fokotsa botebo ba mobu.
Manyolo a hlohlelletsa tlhahiso ya dibaktheria tsa mobu le fangase tse nang le thuso. Dikokwana-hloko tsena tsa mobu di bohlokwa ho senya meaho e rarahaneng ya dintho tse phelang ka manyolo molemong wa ho lokolladimatlafatsi tse bolokilweng kahare ho dintho tse phelang.
Hang ha manyolo a se a fedisitswe ka botlalo, humus, e nang le di esiti tse ngata tse tlotsitsweng le tse humic, e thehwa. Di esiti tsena ke dihlahiswa tsa hoqetela tse etsang manyolo ka ditlama. Di esiti tse nang le humic di tlama ho latela metswako ya dimatlafatsi tse sa kwahelang, haholo-holo tshepe, e di tlosa butle butle le ka mefuta ya dijalo tseo dimela di ka di nkang ka metso. Di esiti tsena di boetse di fetola naetrojene, phosphorus, potasiamo, zinki le dintho tse ding tsa ho batla ho ba mefuta e fumanehang ya dimela le ho fokotsa letswai le lengata mobung.
Hoo e ka bang disebediswa tsohle tse tala di ka sebediswa, ha feela di ka sebediswa ka nepo le kgadimo e nepahetseng: tekanyetso ya naetrojene (C: N) e bolokilwe, ho bolela Amigo Cantisano bukeng ya hae ya ho jala: tsamaiso le boikwetliso.
Khabone e ntle ka ho fetisisa: Tekanyo ya naetrojene kapa disebediswa tse tala ke 30: 1. Sena se bolela hore C: N ya dihlahiswa tse tala tse kopaneng di lokela ho ba haufi le 30: 1. Mohlala, C: N ya sawdust ke 511: 1 mme C: N ya manyolo a dikgoho ke 7: 1. Ka monyetla ona ke tshebediso e ntle, empa kenyelletso ya disebediswa tse ding haufi le 30: 1 (jwalo ka sewallisisi - 19: 1 le jwang ba koro - 128: 1) e tla netefatsa hore ho na le disebediswa tse tala tse loketseng tse lekanyeditsweng bakeng la tekanyetso.
Sebedisa mefuta e fapaneng ya dihlahiswa tse tala. Ha jwang, le ditshila tse tala tse ntlafaditsweng di ntlafatsa sebopeho sa qubu ya ditlolo ha ditshila di ntse di le ncha, manyolo a diphoofolo le dimela tsa lewatle di eketsa ditaba tsa manyolo.
Ho eketsa 10% ya mobu o nang le letsopa ho eketsa sebopeho sa mobu mme lerole la majwe le lona le eketsa tsgebetso ya dikokwana-hloko. Se ke ya eketsa laeme kapa jypsum ho fihlela manyolo a lomile mme a etsa bonnete ba hore qubu ya mosuela e bolokwa e le mongobo.
Ho tlanya manyolo dirapeng tse nyane kapa malapeng ho lokela ho latela melao e tshwanang ha ho kgethwa disebediswa tse tala bakeng sa manyolo. Kopanya ditholwana tse ncha le ditshila tsa meroho le pampiri e kolobeditsweng le mobu wa jarete di kopanya hantle, o fafatsa metsi a mang ho netefatsa mongobo o lekaneng bakeng sa tshebetso ya ho phatloha ha tsamaiso.
Manyolo a ka etswa ka mokgwa o chesang kapa o batang. Tshebetso e chesang e sebetsa ka matla a maholo kaha e kenyelletsa ho fetola qubu ya komporo ho eketsa oksijene. Ho etsa komisi e futhumetseng e bolaya peo ya mahola le dikokwana-hloko hape e potlakisa tshebetso ya manyolo
Ho etsa manyolo a makgopho ho na le qubu ya mobu le moya, e nang le dikarolo tse tala tse ngata jwalo ka phethelo ya tsamaiso. Tshebetso ena e ka nka nako e fetang selemo ho e qeta, empa ho eketsa inoculum ya dikokwana-hloko tse qalang ho ka matlafatsa manyolo.
Ho hlophisa mohoma o sebedisitsweng molemong wa dikgwere-kgwere, dikgwele tse qobellwang kapa dibapadi di sebedisetswa ho eketsa oksijene qubu ya manyolo. Vermicomposting ke tshebediso ya diboko ho senya ditshila tsa manyolo.
Disebediswa tse tala tsa Khabone tse nang le manyolo di ka kenyeletsa dinate, dihlahiswa tsa pampiri, khateboto, sehlahla, patsi,mekotla ya tee, khothene, molora o tukang, makgasi, jwang bo omeletseng le makgasi.
Disebediswa tse nang le manyolo a naetrojene di kenyelletsa madi, moriri le boya, manyolo a diphoofolo, ditshila tsa dikgwerekgwere, jwang bo bocha le makgasi, ditholwana tse ncha le ditshila tsa meroho, dijalo tse sekwahelong tse tala, mofoka o mocha, mafura a lewatle, maphewana a mohlwa jwalo-jwalo.
Hlokomela disebediswa tse ka hohelang dintsintsi le dibatana, haholo-holo ka qubu e ratwang butle-butle. Se ke wa sebedisa dikgechana tsa nama, mashala kapa mashala a cheleng, diphoofolo tse senyehileng, dimela tse shwleng, mafura le oli.
Tshilafalo ya dikgwerekgwere le di-sludge di ka ba le disebediswa tse boima tsa tshepe le dikokwana-hloko. Etsa bonnete ba hore komporo e fedile e hlahlojwa ke laboratori e tsebahalang pele o e sebedisa dijalong tse jewang.
Translated by Sebongile Sonopo