SQLSTATE[HY000]: General error: 144 Table './aatc/tiger_page_view' is marked as crashed and last (automatic?) repair failedMafu a Dipodi

Mafu a Dipodi

© Marinda Louw

Tlhokomelo e nepahetseng ya ho fepa le ho thibela tshwaetso e kang diente le taolo ya dikokwana-hloko e theha motheo wa ho tiisa dipodi tse phetseng hantle, empa ho jwalo, diphoofolo di dula di le kotsing ya mafu, dikokwana-hloko, maemo a metswalli le chefo. Leha ho le jwalo, dihwai di ka etsa ho hongata ho thibela kapa ho fokotsa mafu mehlapeng ya bona ya dipodi.
Ha lefu le hlaha, ho bohlokwa hore ngaka ya diphoofolo e etse hlahlobo ya setopo ho fumana sesosa sa lefu. Sena se ka thibela malwetse ho ata le ho thusa ho ntlafatsa tsamaiso ya tlhokomelo ya bophelo polasing.

Mokgwa o Nepahetseng wa ho Netefatsa Bophelo bo Botle ba ba Podi

©Marinda Louw
Ho tiisa hore diphoofolo di na le phepo e nepahetseng ho bohlokwa ho theha tsamaiso e matla ya mmele ya ho itshireletsa mafung ka dipodi.
Ka dinako tse ding phepo e eketsehileng e hlokahala ha maemo a ho fula a le tlase kapa ha a sa lekane. Sena se ka ba le tshusumetso e ntle ho boemo ba dipodi tsa hao, haholo ha ho fula ho futsanehile.
Dinako tse thata tsa ho fepa ka ho eketsehileng ke:
Ho fepa ka matla: dibeke tse pedi pele ho nyalano le dibeke tse tharo pele ho nako ya ho ikatisa (nyalano). Dipodi tse tshehadi tse meno-pedi (dilemong tse 12 ho isa ho tse 18) di lokela ho behwa pele. Maemong ao ho fepa ho le theko e boima, fepa hantle ka nako e kgutshwanyane, o se ke wa fepa nako e telele.
Boimana: Fana ka dijo tse eketsehileng ho tloha letsatsing la 90 la bokhachane. Sena ke sa bohlokwa esita le maemong a loketseng a ho fepa. Dipodi tse tshehadi tsena di hloka matla a mabedi ho isa ho a mararo (ho fepa lesea le ntseng le hola) ho feta dipodi tse tshehadi tse omileng.
Ho hlahisa lebese: Dijo tse eketsehileng di hlokahala dibeke tse tsheletseng tse qalang tsa ho hlahisa lebese.
Bana ba anyesitsweng (dipodi tsa masea): Fana ka 'ho fepa ka dijo' pele ho nyantshwa ha bana ba fetolelwa ho dijo tse tiileng. Matshwenyeho a ho nyantsga a na le tshusumetso e kgolo ho tekanyo ya kgolo ya bana.
Ho fepa dijo tse matlafatsang bakeng sa dipodi tse tshehadi le bana ka mekgahlelo ena ya bohlokoa ho fokotsa kotsi ya ho ntsha mpa, ho tswalwa le bana ba fokolang. Diphesente tse fokolang (palo ya bana ba tswaloang ka selemo), bophelo bo botle, kgolo ya kgolo le tlhahiso ya mohair ya dipodi tsa Angora di ka ntlafatswa ka ho fana ka phepo e eketsehileng.
Dipodi ke dihlahiswa tsa masimo le dimela tsa tshimo (hape di bitswa dimela tsa lekolo) hangata di na le dipeo tse ngata tsa merafo ho feta makgulo. Ka hona, dipodi ha di na monyetla wa ho ba le ho hloka matla a ho haella ha diminerale ho feta dinku, empa divithamine le diminerale di lokela ho ba teng dibeke tse 4 ho isa ho tse 6 pele di eja le nakong ya komello.

Tlhokomelo ya Dikokwana-hloko ka ho Rua Dipodi

©Marinda Louw
Wireworm le manyowa a mpa a sootho (e leng mefuta e meholo ya manyowa) ke lefu le leholo ka ho fetisisa bakeng sa dipodi. Coccidiosis ke e nngwe ya dikokwana-hloko tse tlwaelehileng hangata tse amang bana ho tloha dibeke tse 4 ho ya ho dikgwedi tse 5 le ho hlaha ha 'mahe' a kokwana-hloko ya coccidia e kena tsamaisong ya tshilo ya dijo. E fumanwa makgulong, metsing le hangata ditulong tsa dipodi tse tshehadi tse nyantshang. Matshwao a kenyeletsa letshollo, motswako wa madi le bofokodi.
Ho imelwa kelellong (ho kang ho robala kapa ho falla) ho etsa hore bana ba be le kutlwelo-bohloko ho coccidiosis le ho tshwaetswa ke di roundworm.
Palo ya manyowa ho podi e amahanngwa le palo ya popane e makgulong le ho fokola ha sesole sa mmele sa ho itshireletsa mafung.
Bothata bo boholo ho dihwai tsa dipodi ke ho fana ka tikoloho e sireletsehileng bakeng sa dipodi tsa bona ha ho ntse ho fokotsa ho thibela dikokwana-hloko kgahlanong le meriana. Sena se etswa ka ho hlahloba feela diphoofolo tseo ho hlokahalang hore di behwe. Sena se bitswa ‘phekolo e kgethollwang' mme e etswa ho boloka 'refugia'. Refugia ke tlhokomelo ya bongata ba manyowa a nang le hlokolosi ho dithethefatsi mme ke kgopolo ya bohlokwa ya tsamaiso.
Diboseleise tse sa tshwaneng tse ngata di fumaneha dibakeng tseo dipodi di bolokwang. Diboseleise ke dinwa-madi empa di boetse di fetisetsa mafu a kang heartwater, di baka mafu (a dibebe), maqeba a otlang ka letlalo, tshenyo ya letlalo le toxicosis e kang lefu la ho shwela ditho ka diboseleise.
Dinta tse kgubedu le tse putswa ke dikokwana-hloko tse ding tsa bohlokowa tse hlokang ho laolwa. Dinta tsena di baka ho halefiswa haholo ke letlalo mme di tla etsa hore podi e iphumane, e itshireletse kgahlanong le dintho le ho hlephileng ha boemo ba mmele. Dipodi tsa Angora, sena se lebisa ho fokodisa, ho pata le ho senya diaparo tsa boya.

Diente ka ho Rua Dipodi

Ha dipodi di tsoswa maemong a tshimo, diente kgahlanong le diphio tsa pulpy (Clostridium perfringens D) le Pasteurella (e bakwang ke Pasteurella haemolytica le Manhaemia haemolytica) dia kgothaletswa. Tlasa maemo a matla haholo moo dipodi di bolokilweng makgulong kapa di feptjwang, jwale diente tsa multi-clostridial hammoho le Pasteurella dia eletswa. Botsa ngaka ya diphoofolo.
Ha dipodi di entwa ka lekgetlo la pele, ho tla fanwa ka ente ya bobedi jwalokaha ho bontshitswe, bala ditefiso tsa meriana ka hloko. Ente ya bobedi e entswa hangata ka dibeke tse 4 ka mora ya pele. Ho se entwe ka lekgetlo la bobedi ho ka fella ka ho itshireletsa mafung a sa itshireletsang mme ho ka nna ha eba le katleho ya ho thibela ente ya pele le diente tsa selemo le selemo.

Acidosis ka Dipodi

Mafu a mmele ha a tlwaelehe ho dipodi ho feta dinku empa acidosis e ya etsahala. Acidosis e bakwa ke phepo e fetang ya dikhabohaedreite mabapi le ditlheferetsi tse ntle tsa boleng. Sena se ka nna sa etsahala nakong ya komello, phepo ya dikgahla, bokhachane le ho hlahisa lebese. Ho fokotsa dijo tse fokolang le nako ya ho lapa ho ka boela ha lebisa maemong a mangata a pH aka hara mohodu wa podi.

Chefo ka Dipodi

©Dr Mackie Hobson
Bongata ba pelo ya glycoside (e leng metswako e chefo hangata e fumanwang ho dimela) chefo e bakwa ke 'krimpsiekte'. Dipodi tsa Angora di tlwaelehile ho chefo ho feta dipodi tsa Boer. 'Krimpsiekte' e bakwa ke dimela tsa di succulent tse bitswang Cotyledon, tse atisang ho bitswa plakkies kapa nenta. Chefo ka dihlahiswa tse nyenyane hangata ho etsahala dibakeng tsa Karoo e nyenyane le dikarolong tse ka borwa tsa Great Karoo. Matshwao a mangata a amana le tsamaiso ya methapo, empa diphoofolo di ka boela tsa bontsha matshwao a bohloko bo ka mpeng.

Translated by Bongani Matabane