Ho tloha mehleng, makgala a ne a hlaha mongolong wa baegepeta ebile le ditshwantshong tsa bakgothu mme e na le nalane e telele ya ditshebediso tsa bongaka meetlong ya botjhaba. Aforika e na le mefuta e ka fetang e 360 ya leloko la lekgalo moo lekgala le leholo le sebediswa haholo ebile le behwa kgwebong Aforika Borwa. Lekgala le leholo le fapana le hlaba (Aloe barbadensis). Lekgaleng le leholo, ho na le aloene e babang e fumanwang ka tlasa letlalo ebile e ka arollwa lehlakung le ka harehare. Ha hlabeng yona, aloene e fumanwa hohle lehlakung mme e monyollwa ka dikhemikhale. Lekgala le leholo le na le aloene e ngata ho feta hlaba, motswala wa yona o tswang Amerika, ka 28% le asiti ya amino e ngata ho e feta ka 36%.
Ho sebediswa dikarolo tse pedi tsa sejalo sena. Jele e lero ya sejalo sena e tsejwa e phekola maqeba ha lebese (maolo o babang o mosehla o nang le aloene) le tsejwa le hlephisa mala empa le phekola bohloko ba manonyeletso ba nako e telele. Jele e thusa ka ho fodisa letlalo ha le tjhesitswe ke letsatsi kapa phatlalatso, e phekola mohlohlono le tsenene ya dikokwanyana ebile e sebediswa ditlolong tsa botle ka baka la hore e a ngobetsa ebile e a kokobetsa.
Jele e lwantsha okesetasi, e na le divithamene tsa A, C le B12 ebile le "bradykinase", ensaeme e fedisang ho ruruha ha e tlotsitswe letlalong. Le sebediswa ho bebofatsa letlalo hobane le na le metswako e thibelang melanene. Ha mahlaku a lekgala le leholo a nolofatswa ka ho a kenya ka oling e ka bang ya dipeo tsa morara kapa ya amandele e tswekere ho hlahiswa oli, ha phoshwana e sebediswa merianeng mme lehlaku le ka behwa letlalong le tjhesitsweng ke letsatsi ho le phekola. Lekgala le leholo le hola hantle peong, empa le katiswa haholo ha ho sehwa dikarolo tsa sejalo se le seng.
Mahlomela a jalollwa ka morao ha dilemo tse pedi mme mahlaku a kotulwa ka morao ha dilemo tse hlano. Sejalo se hola hlaheng dibakeng tse ngata tse fapaneng, ho tloha Kapa borwa bophirima ho ya nahahare ya KwaZulu-Natal empa lekgala le leholo haufi le motse o Kapa borwa wa Albertina le kotulwa dijalong tse lengweng le tse holang hlaheng. Dihektara tse 50 tsa hlaba (Aloe barbadensis) di jalwa polasing e Limpopo ha lekgala le leholo hangata le kotullwa hlaheng ke borapolasi ba Kapa borwa le Kapa Botjhabela.