Lamunu

©Louise Brodie
©Louise Brodie
©Louise Brodie

Lamunu ke polelo e kopaneng ya mofuta wa difate tse thunyang le dihlahla le lapeng la borui, Rutaceae. Dimela tsa machung di hlahisa dijalo tsa ditholwana tse bohlokwa jwalo ka dilamunu, mandarin, lemone le limes le grapefruit. Ditholwana tsa citrus di tswa Asia Borwa Bochabela, ho pholletsa le sebaka se pharalletseng ho tloha China Borwa ho ya fihla Leboya-bochabela India. Dijalo tsa Citrus di ile tsa lengwa dibakeng tsena ka makgolo a dilemo mme ha nako e ntse e lema temo ya ditholwana tsena tsa hasane ho fihla dibakeng tsa tlhahiso tsa Mediterranean le tse ka tlasa lefatshe.

Ditholwana tsa Lamunu di hlahiswa difateng tse dulang di le setala. Difate tsa lamunu di hlahisa dithunthung nakong ya selemo mme ditholwana di hlaha ho mela nakong ya selemo le ya lehlabula bakeng sa kotulo morao hwetla le mariha pele ho mariha.

Ditholwana tsa lamunu di arotswe mme di na le letlalo le teteaneng. Ditholwana hangata di qholotswa pele di sebediswa mme letlalo le boetse le bonwa e le zest, mme hangata le lahlwa. Ditholwana tsohle tsa lamunu di na le esiti le ascorbic esiti, e tsejwang hamolemonyana jwaloka Vithamine C. Ditholwana tsa lamunu di tshwauwa ka tatso ya tsona e bohale mme mefuta e meng ya lamunu, jwalo ka lemone le limes, e bodila kapa e latswa tatso, ha e meng e le monate. Ditholwana ka kakaretso di na le monko o matla, haholo ka lebaka la oli ya limonoid e fumanehang haholo letlalong la ditholwana.

Translated by Sebongile Sonopo

Dihlahiswa tsa Lamunu

Ditholwana tsa lamunu ke e nngwe ya mefuta ya ditholwana tse tummeng lefatsheng ka bophara le tse hlahiswang ka bongata....more

Mefuta ya Citrus

Machung ke mofuta o moholo ka ho fetisisa wa meitrasi wa Afrika Borwa ebile ke bukana ya tsona e ka bang 60% ya thollo ya malomong a Afrika ...more