Kwaeyalekgwaba e lengwa dibakeng tse kgolo tse kahara meaho moo boemo ba moya wa carbon dioxide, mongobo le themphereitjhara di laolwang ka hloko. Ke tshebetso ya botegniki bo boholo, e shebaneng le tlhahiso e kgolo ya kwaeyalekgwaba, haholo kwaeyalekgwaba ya konopo le e sootho - tsohle e le ditho tsa Agaricus spp.
Temo ya kwaeyalekgwaba ke tshebetso ya mahlale e hlokang ho bolokwa ha lesedi ka hloko ho fumana sephetho se tshwanang mme e hloka tjhelete e ngata. Hodima moo,e na le tsebo e keneletseng mme e hloka meralo e fapaneng e lekalekanang ka ho phethahala ho hlahisa kwaeyalekgwaba e boleng bo hodimo, ho bolela Dr Martmari van Greunen wa Sylvan, e leng k’hamphani e fepelang ka madinyane a kwaeyalekgwaba.
Diphephetso tse ding ka temo ya kwaeyalekgwaba di kenyeletsa tlwaelo e teng ya ho hana ho ja kwaeyalekgwaba hammoho le bophelo bo bokgutshwanyane ba kamora kotulo le tlhokeho ya ho dula moo ho batang ho tloha polasing ho ya moo e behwang teng pele e sebediswa.
Monontsha o entsweng ka sepheo o tshelwa dijaneng, polokelong kapa o tlatswe kahara mekotlana ya plastiki. Ebe sethopo sa kwaeyalekgwaba ka mokgwa wa ‘madinyane a kwaeyalekgwaba’ a fuangwa monontsheng mme se dumellwe ho bopa marangrang a kwaeyalekgwaba - e leng metso ya kwaeyalekgwaba. Tshebetso ena ya ho bopa marangrang ana e bitswa ‘spawn run’ mme e nka matsatsi a 15-19.
Ho susumetsa marangrang a kwaeyalekgwaba ho fetohela boemong ba tlhahiso ho ya boemong ba ho hola, ho tshelwa sehlahiswa se ikgethang sa 5 cm - kgaketlana - hodima monontsha. Lera lena la kgaketlana hangata le na le motswako wa meroho e bolang, mme le amohetswe ho tswa Ireland kapa Netherlands. Masalla a mmoba (sehlahiswa sa tlhahiso ya pampiri ho tswa mmobeng) a kopanngwa le motswako ona ho eketsa pH ya esiti ho fihla boemong ho lekalekanang kapa ho pH ya alkaline e ka bang 7.5. Lera la kgaketlana le fana ka metsi mme le loketse boemo ba lehodimo bo bonyane bakeng sa hore dihlooho tsa kwaeyalekgwaba di hole.
Jwale dihwai di fokotsa themphereitjhara diphaposing tsa ho hodisa ka tshebediso ya metjhini e boemo bo hodimo e laolwang ke boemo ba lehodimo. Phetoho ena ya themphereitjhara e baka hore kwaeyalekgwaba e qale ho beha le ho bopa kwaeyalekgwaba tshebetsong e bitswang ‘pinning’. Ka nako ya ‘pinning’, kwaeyalekgwaba e hola ka ho menahaneng habedi dihoreng tse ding le tse ding tse 24 mme e lokela ho lekolwa letsatsi le letsatsi ho netefatsa kotulo e ntle.
Ho beha ha kwaeyalekgwaba ho etsahala ka kgefu kapa mekgahlelo. Sena se qala nakong e ka bang matsatsi a 17 kamora ho kwahelwa mme ho tswele pele ka mekgahlelo ya beke. Ka kakaretso, kgefutso tse tharo di a kotulwa pele monontsha o sebeditseng o tloswa ho lokisetsa dimela tse hlahlamang.
Kwaeyalekgwaba e jewang e le tala hangata e kotulwa ka letsoho, e arolwe ka mekgahlelo mme e etswe diphuthelwana. Polokelo e hlwahlwa ka ho fetisisa ya kwaeyalekgwaba ke phaposing e batang ka 2 - 4°C ka mongobo o hodimo.
Kwaeyalekgwaba ya boemo bo tlase (mohl. e hodileng haholo kapa e tetetsehileng) e a kgabelwa mme sebediswe ho tshelwa ho pizza, le mero. j.j. Kwaeyalekgwaba e tshelwang makotikoting hangata e phuthelwa ka motjhini.
Madinyane a kwaeyalekgwaba ke sehlahiswa (jwaloka rye kapa mabele a hlwekisitsweng) se entuweng ka mefuta e itseng ya kwaeyalekgwaba. Madinyane a kwaeyalekgwaba a sebetsa jwaloka ‘peo ya kwaeyalekgwaba’ e ‘lengwang’ sebakeng sa kgolo - monontsha. E kopanngwa le monontsha ka sekgahla sa dilitara tse 8 tone kanngwe kapa 0.5% ka boima. Ebe monontsha o nang le madinyane o tshelwa kahara mekotlana, maphephe kapa polokelong pakeng sa ho fuangwa kapa ho bitswang ‘spawn running’.
‘Spawn running’, hammoho le ho kotula, ho etsahala diphaposing tsa ho hodisa kapa kahara metjha e sireleditsweng boemong ba lehodimo moo ho nang le mekgwa ya ho laola moya. Moya o hloka ho hlwekiswa ho thibela ho kena ha peo ya dikokwanahloko le hlobo ka diphaposing tsa kgodiso. Hodima moo; moya, themphereitjhara le metsi di laolwa ka hloko ho laola tshebetso ya ho hola.
Translated by Maletsatsi Sejake