Sebediso ya boleng bo berete Boleng ba peo e hlwauweng bakeng la hlaiso ya dijo tse lokileng. Hlaiso ya lapeng eka ba entle ka boleng ebang eka hlaiswa ka tsela e nepahetseng. Eka bolokwa moo ho ommeng le moo ho hlwekileng. Ha o sebedisa peo ya boleng etsa hore e fihlele ka hodimo ho 85%, ho jalo ho tileng le ho jala ho tshwanang o sebedisa hojala ho hotle etsa hore o hodise ka potlako ka kgolo le dimela tse babang ho senya, dikokwana le komello.
Boleng ba peo botlameya hotswa ho senyeng le dikokwaneng tse lokolluhileng bakeng la dimela. Di tshwanela ho tshwana ka boholo, mebala, sebopeho le tokoloho ya peo le ho katelwa ha yona. Ebang peo ele nysne haholo, e kopanye le mobu kapa manyolo a omelle. Tekanyetso ya peo manyolng eya ka hore na o batla ho jala jwang semela sa hao. Kopanya peo le mobu hantle haholo mme o tlatse botlo ka mobu le peo ka hara botlolo ya senwamaphodi. Etsa lesobaka hara botlolo mme o jwale ka ho tsepama jwalo ka mola
Otlolla karolwana e dipakeng tsa kgwele hor e tsepame mme o etse sekgeo. Sebaka se diapkeng hotlatswa hore na ke sejalo se feng. Ho tetehanya dijalo hoka eketsa hlodisano pakeng tsa metsi le letsatsi fela bakg la dijalo tse itseng mme hona ho bolela honale tshehetso e bonahalang kgolong. Sebaka se bulehileng dipakeng tsa dijalo ho etsa hore sebaka se bulehe le ho nosesa hobe betere. Ha o jala sebedisa thupa ho etsa hore foro ebe telele bakeng la kgwele. Tsukutla mobu o kapaneng le peo hotswa botlolong forong leho kwahela dijalo hanyane ka mobu. Sebedisa metsi a foreshe kgafetsa ha o nosetsa.
Meroho yohle ya setso Afrikae hloka manyolo bakeng la kgolo kapa ho nontsha dijalo. Kgolo entle enale thibelo bakeng la dikokwanahloko le dikokonyana mme dika hlaisa dijalo tse ngata Manyolo a ho tshwana le a kgomo, pudi kapa khoho ke a theko e tlase haholo ho fapana l manyolo a nang le dikhemikhale mme aka thusa ho fihlella palo e hodimo ya dihwai. Ebang dihwai di bokella seo sekase ba kukile letho mme ho bonolo ho sebedisa manyolo a diphoofolo ho nontsha meroho.
Hoka etswa le ho sebedisa manyolo jwang:
Batla mmutedi wa diphoofolo.
Etsa mmutedi ob monyane seka bolele ba lengwele.
Eka behwa hantle serapeng nakong ya komello kapa eka behwa moo ho bataletseng o e tlohelle hofihla e fella mobung mme sena setla fana ka sephetho tse phethahetseng le ho tswa pele.
Pele oka kenya manyolo, a kopanye ka mobu.
Ho etsa ditama hotswa manyolong le ho sebetsana le mobu ho phahamisa tswalo le ho thusa ho fana ka phepo bakeng la dimela tse matlafetseng. Ho etsa ditlama, o tla hloka disebediswa tse omeletseng tse jwalo ka poone, dinawa le tseding. O tla boela o hloke disebediswa tse tala le tshila ya diphoofolo tse jwalo ka kgomo, pudi le tsa nku. Ho kwahela mobu wa dintho tse senyehileng o hloka mobu oka hodimo, patsi, polasitiki, mmata esitana le bojwang bo omelletseng. O tlo hloka metsi le thupa e fetolang. Lokisetsa sekoti se bonahalang. Ekaba botebo bo bong le bo bong hoya ka palo ya disebediswa tse teng.
Beya kapa o sehe disebediswa hoya tlase Kenya dintho tse senyehileng di sebediswa tse ngobetseng tse tshwanang le dijo, ditholwana, mekotla ya tee le dintho tsa metsing. Disebediswa tse omelletseng ekaba makala, patsi. Jwale oka kenya manyolo a matala. Kwahela ka ntho engwe le engwe eo onang le yona eleng patsi, mobu oka hodimo, mmata, bojwang le tseding etsa hore ho nyobele eseng ho inelwa. Sebedisa metsi ka mehla kapa letlella pula ho etsa mosebetsi wa yona. Fetola ka mora matsatsi. Fetola ka fereko. hang ha dintho tsahao tse kenelletseng mobung di felletse, tlatselletsa ka tseding tse ncha ka ho kopanya ntle le ho eketsa mekga. Ho fetola kapa hona ho kopanya hoka etsa dijal tsa hao dibe ntle ka ho makatsang.
Translated by Sebongile Sonopo