Indasteri ya Makolokoti Afrika Borwa

©Glenneis Kriel

Mokgatlo wa ditholwana Afrika Borwa le meroho e kentsweng makolokoting o thehiloe ka Pherekgong 1954. Mokgatlo ona o entswe ka ditho tse 20 ho emela ditholwana tse makatsang, phaenapole, meroho le tamati. Ditholwana tse kgolo tsa makolokoti tse hlahiswang Afrika Borwa ke diperekisi, diapole, dipere, di guavas le di phaenapole.

Ditholwana tsa Makolokoti Tlhahisong ya Dibaka tse Nyane

©Louise Brodie

Indasteri ya phaenapole e Afrika Borwa e nyane ho latela maemo a lefatshe, ha sehwai se le seng Kapa Botjhabela se ntse se ikarabella bakeng sa tlhahiso e ka bang 70% ya Afrika Borwa. Diphaenapole le tsona di hlahiswa KwaZulu-Natala. Indasteri e ile ya e ba le tsitsipano e kgolo ka 2007 kamora hore cadmium e fumanwe e romelletswe dipapong tsa phaenapole e isang Europa, e leng se ileng sa etsa hore dihwai tsohle di dule mmarakeng ntle le mmaraka wa dihlahiswa tsa tsona. Tshilafalo e ne e hokahane le balemi ba seng bakae, ba neng ba sa tsebe ba sebedisa manyolo a nang le tshepe ena e boima.

Afrika Borwa ke morekisi e moholo ka ho fetisisa oa diaprikhote tse kgannilweng, e leng karolo ya boraro ya dihlahiswa tsa lefatshe. Boholo ba diapole tsena di hlahiswa Klein Karoo ya Kapa Bophirimela. Leha ho le jwalo, baetsi ba dihlahiswa ba ile ba tlameha ho lahla di aprikhote tse ka bang 5 000 tsa diapole tsa Bulida mme ba fothola difate tse ngata ha indasteri e qala ho putlama nakong ya sehla sa tlhahiso ka 2013/2014.

Bongata ba dipere le diperekisi tsa Afrika Borwa li boetse di hlahiswa Kapa Bophirimela, athe di-guavas di hlahiswa Kapa Bophirimela, Mpumalanga le Limpopo.

Kgwebo

Indasteri ya makolokoti e na le tlhodisano e matla ebile e matla ho feta chelete, e baka feela bahlwekisi ba machaba ba busang mmaraka. Bahlahisi ba Afrika Borwa, hangata ba na le konteraka ya nako e telele ho isa nakong e telele le e mong ya bahlahisi ba bararo ba sebetsang ka hara naha. Batsamaisi ba tsena ba romella ho feta 80% ya ditholwana tsena tse malokokoti ho feta lefatshe, ho tloha Europe ho ya fihla Bochabela bo Hodimo.

Tsebediso

©Marinda Louw

Ditholwana tse hadikilweng di ka natefelwa jwalo ka seneke, tse sebedisetswang ho pheha, ho baka kapa dino tse tswekere. Ditholwana tse sa lomoswang le meroho di phahame ka hara faeba ya tlhaho ya dijo mme dipatlisiso tse entsweng ke Lefapha la Saense la dijo le phepho ya Batho di fumane hore di sa tswa tshwana le balekane ba bona ba bacha. Thutong ya bona ho ile ha atoloswa le ho ntlafatswa ka 1997. Phuputso e ncha, The Nutrient Conservation in Canned, Frozen and Fresh Foods, e ile ya sekaseka boemo ba phepo ya ditholwana le meroho e 35 e kentsweng hammoho le ditlhapi.

Ditholwana thutong, di ne di kenyelletsa diapole, aprikhoto, monokotshwai o motsho, mokotshwai o bolou, morara, dilamunu tsa mandarin, diperekisi, dipere, phaenapole, plums, fragole, cheri, sechu le tamati e felletseng hammoho le mehlware. Meroho e ne e kenyelletsa di-asparagus, bete, dihwete, poone, dinawa tse tala, di mushroom, dierekisi, mokopu, sepinichi, ditapole tse tswekere le ditapole tse tshweu.

Leha ho le jwalo, dithuto tse ding di fihletse qeto ya hore mokgwa wa ho futhumatsa o senya dimatlafatsi tse kang vithamine C le folic esiti hammoho le di-antioxidants.

Translated by Sebongile Sonopo