Ho reka Dikgomo tsa Lebese

© Chris Daly

O Reka Dikgomo tsa Lebese Hokae?

Ka mora ho etsa qeto ya hore na o reka mefuta wa dihlahiswa tsa lebese dife, diphoofolo di lokela ho rekwa. Dikgomo tse hlahisang lebese di lokela ho rekwa qalong kaha ho na le dihlahiswa tsa lebese kapele le ho fumana chelete e potlakileng. Dikgomo tsa lebese di na le mekgahlelo e mmedi ya tlhahiso, ebang ke lebese (e hlahisang lebese) kapa e ommeng (e se nang lebese). Ha di omme, dikgomo di lokela ho ima mme pele ho matsatsi a 60 ho latela letsatsi la ho kgephoha fatshe. 'Dikgomo tsa sethole' di fetoha 'dikgomo' nakong ya pele ya kgephoha; ka mora moo, dilemo tsa dikgomo di bontshwa ka nomoro ya ho hlahisa lebese ka morao hamorao ho fokotsa ditshebetso. Mohlala ho hlahisa lebese ha pele ka ho kgephoha, lekgetlo la bobedi ho hlahisa lebese ka mora hore e kgephohe ha bedi. Ka dinako tse ding dikgomo di boetse di hlaloswa e le ‘first calvers’ kapa ‘second calvers’.

Ho molemo ho reka dikgomo kapa diphoofolo tse tswang polasing ya lebese e thehilweng hantle kapa ya kgwebo. Hangata dihwai tsena di ikemiseditse ho arolelana tsebo ya bona ya polasi ya lebese le dihwai tse ncha. Sena se ka ba molemo hang ha tlhahiso e qala. Ka lehlakoreng le leng, ho reka dikgomo tsa sethole tse immeng ho qala ho fa dihwai tse ncha monyetla wa ho tlwaela ho fepa le ho laola diphoofolo letsatsi le leng le le leng pele lenaneo la tlhahiso ya lebese le qala.
Dikgomo tsa lebese le tsona di ka rekwa ka thekiso ya thepa. Ho ya ditekong pele ho moo ho fana ka dintlha tsa theko ya thekiso le boleng ba diphoofolo tse rekiswang. Hangata ngaka e buwang ya bongaka ba diphoofolo e tla fana ka lengolo la bophelo bo botle bakeng sa diphoofolo tsohle tse rekiswang mme morekisi o tla bontsha mathata leha e le afe ka phoofolo e itseng. Haeba o belaela ka bophelo bo botle ba diphoofolo, o se ke wa reka.

Ke eng Molemo wa Diphatsa tsa Lefutsho wa Dikgomo tsa Lebese?

Molemo wa diphatsa tsa lefutso wa dikgomo o kgethwa ka tse tona tse sebediswang mohlapeng wa lebese. Sena se bolela hore boleng ba kgomo bo kgethwa ke batswadi ba yona. Ho tseba tlhaho ya diphatsa tsa diphoofolo ho tla thusa ho kgetha kgomo e ntle ka ho fetisisa eo o ka e rekang. Hlalosa dikgomo tse ngata ho feta palo e hlokahalang bakeng sa mohlape o mocha bakeng sa kgetho e ntle. Tlhahiso ya tshebetso ya kgomo e susumetswa ke batswadi ba yona (diphatsa tsa lefutso) hammoho le phepo, matlo le taolo. Ditlaleho tsa tlhahiso ya dikgomo tse kgethilweng di lokela ho fumaneha.
Kopa tlhahisoleseding ya boemo ba tshimoloho ya lelapa hammoho le ditlaleho tsa tlhahiso ya letamo la mme wa phoofolo (mme) le bokgoni ba diphatsa tsa lefutso (ntate). E ka ba ntho e utlwahalang ho reka ho mohwai wa lebese eo e leng karolo ya lenane la ho rekota lebese la naha. Mokgwa ona o fana ka tlhahisoleseding ya diphatsa tsa lefutso le tlhahiso ya diphoofolo tsohle le dikgomo ka mohlape wa lebese. Tlasa morero ona, dikgomo tsa lebese tsa kgomo ka nngwe di bokellwa le ho hlahlojwa ka mafura, diprotheine, lactose, somatic cell count (SCC) le milk urea nitrogen (MUN) ke laboratori e bohareng.
Kakaretso ya ho hlashisa e hlahisa (dilitara tsa lebese tse hlahiswang) jwale e balwa ka matsatsi a 305. SCC e fana ka pontsho ya ho ruruha le ho kgoneha ha mastitis-ho ruruha ditlokong kapa matsweleng. Ho hlahisa mekgwa e metle ya ho ikatisa le ho kgephoha (ho bonolo hakaakang hore namane e tswalwe) ya dikgomo le dipoho di hlahlojwa ka ditlaleho tsa ho imodisa e tshehadi le ho kgephoha fatshe hoa dintlha. Ha ho kgothaletswe ho reka dikgomo tseo ho se nang tsebo ya ho fumaneha ha tsona.

Translated by Bongani Matabane