Histori ya Tlhaho ya Richtersveld

Mefuta ya Bophelo ba Boholo-holo

©Shem Compion
Richtersveld hase sebaka seo o lokelang ho se etela haeba o batla ho bona diphoofolo tse hlaha. Diphoofolo tse Kgolo tse Hlano, ha ho jwalo. Leha ho le jwalo, ho sa tsotellehe boemo ba lehodimo bo omeletseng, ho na le mefuta e mengata e tsotehang ya diphoofolo tse nyane tse phelang, diphoofolo tse ruilweng, dikokonyana le bophelo ba dinonyana tse tla ipiletsa ho batho ba nang le ditakatso tsena tse fumanweng. Empa pele re sheba diphoofolo tsa kajeno tseo o ka di fumanang, a re shebe dibopuwa tse neng di dula mona.
Ditlaleho tsa mesaletsa ya dintho tsa kgale di bontsha hore dibakeng tse futhumetseng, sebaka seo se ne se ena le dipere tsa pele ho naha, ditlou, metwere e meholo, dikolopata tse kgolo, dikwena tse melomo e menyane, dibata tsa dintja-bere, di mpjhe tse kgolo le mefuta e meng e thahasellisang. Mekgwa ena ya mefuta ya bophelo ya boholo-holo e tlatsetswa ke mehato ya diphoofolo, mekoti le ditshwantsho tsa difate (tse bitswang di dendrites) tse bontshang naha e nonneng e kwahetsweng ke meru. Lewatle le lona le ne le futhumala mehleng eo, mme menyetla e sa tshwaneng e hlalosang meno a shaka le di kgetla tsa di oyster tse sa tlwaelehang di hlalositswe ke bafuputsi ba fapa-fapaneng (ba neng ba le ka morao ho William Paterson ka 1779).

Ditlaleho tse Tshosang

©David Fleminger
Dinakong tsa morao-rao, ma Bushmen e betseditse di petroglyphs marung a sebaka seo (sheba ka tlase). Tshebetso ena e kenyelletswang 'ditlaleho' e bontsha hore tau, thutlo, tshukudu, kubu esita le tlou di ne di tlwaetse ho tsamaya sebakeng sena. Kajeno, leha ho le jwalo, diphoofolo tse kgolo ha di fumanehe habonolo mme ke maemo a fokolang a bophelo a atisang ho ata.
Hape ho na le bopaki ba mantswe le bo ngotsweng hore dithota tsa Namaqualand le Richtersveld di ne di tlwaelehile haholo ka mehlape e mengata ya tshephe le mefuta e meng ya matsa. Ka 1892, mmaseterata ya thehilweng Springbokfontein (e seng a bitswa Springbok) o ngola hore o bone ho falla ha 'dimilione' tsa dibopuwa tsena tse nang le mohau.
Mehlape ena ya diphoofolo tse hlaha jwale, ka maswabi, ntho ya nakong e fetileng; ho potlakela ho fediswa sebakeng seo ka ho tsoma, mafu a diphoofolo (jwalo ka sewa sa Rinderpest sa 1896) le ho kena-kenana ha batho le setsha. Leha ho le jwalo, o ntse o ka fumana nyamatsane (oryx), sekome, phuti, tshase le thiane sebakeng seo, le hoja diphoofolo tsena di atile haholo dibakeng tsa merafo tse thibelwang ka lehlakoreng la moedi wa Namibia, moo mesebetsi ya batho e lekanyeditsweng teng. Qwaha Ya Thaba e sa tlwaelehang le yona e teng.

Translated by Bongani Matabane